Boemo ba Moabe
1 Thellang mmusi wa naha
ka ho romela dikonyana,
di romelwe di etswa Sela,
mose wane ho lehwatata,
di romelwe thabeng
ya moradi wa Sione.
2 Baradi ba Moabe
ha ba le madibohong a Arenone,
ba ka nonyana tse phuphuselang,
di lelekilwe sehlaheng sa tsona.
Ba re:
3 “Re eletse, o re etsetse qeto,
moriti wa hao
o re sireletse motsheare,
sa fifi la bosiu;
pata ba lelekilweng,
o se eke baphaphathethi.
4 Eba setshabelo sa Bamoabe,
Bamoabe ba lelekilweng,
o ba sireletse ho ya ba timetsang.”
Motlatlapi o tla kgaotsa ho tlatlapa,
mosenyi yena a kgaotse ho senya,
mohatelli le yena
a fediswe naheng eo.
5 Ka mohau terone e tla tsitsiswa,
ya tla e dula a e dule ka botshepehi,
e leng e mong wa leloko la Davida,
ya tla ahlola ka toka,
a thahaselle ho loka.
6 Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha,
ho ikgantsha ha hae
ke ho tlolang moedi,
o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale,
empa boithoriso ba hae
ke ba lefeela.
7 Kahoo tjhaba sa Moabe
se tla itelela,
bohle ba itelele ba le mmoho,
ba llela dijo tse monate
tsa Kire-Harese,
ba lla pelo tsa bona di le bohloko.
8 Masimong a Heshebone le a Sibema
morara o ponne,
o motlemotle
o neng o taha babusi ba naha,
morara o neng o lemilwe
ho tloha Jasere,
o lemilwe ho ya fihla lehwatateng,
oo makala a wona
a neng a thathaletse,
ho ya tshela lewatle.
9 Ke llela morara wa Sibema
jwalokaha Jasere e llela wa yona,
wena Heshebone le wena Elale
ke le tshela ka dikgapha!
Mehoo e thabelang ho butswa
ha morara wa lona,
le e thabelang kotulo ya lona
e kgaoditse.
10 Masimong a dikgwiti
thabo le monyaka ha di sa le yo,
ha ho pina kapa mehoo
masimong a lona a morara,
ha ho ya tlhotlelang veine
tlhotlelong sa hae,
hoba mehoo ya lona
ke nna ya e fedisitseng.
11 Pelo ya ka e llela Moabe sa harepa,
le yona Kire-Harese e e llela jwalo.
12 Ha Bamoabe ba nyolohela
bakeng tsa bona tsa borapedi,
ba nyolohela lefeela;
ha ba nyolohela tempeleng ya bona
ho ya rapela,
le teng ha ho na thuso.
13 Sena ke seo Morena a neng a se bue malebana le Moabe ka nako eo.
14 Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.”