Ho pholoswa ha Iseraele
1 Ka tsatsi leo,
Morena o tla bolaya kganyapa,
a e bolaye ka sabole e bohale,
e kgolo, e sefea,
kganyapa, noha e tjhalametsang,
kganyapa, noha e bothang e ikgarile,
ke yena ya tla bolaya
sebata sa lewatleng.
2 Ka tsatsi leo, ho tla thwe:
“Binelang rapa sa morara
se behang haholo.
3 Ke nna Morena,
mohlokomedi wa sona,
ke se nwesetsa ka dinako tsohle,
ke se lebela motsheare le bosiu,
hore ho se be le ya mong
ya ka se senyang.
4 Ho halefa ha ke a halefa.
Ha ho ne ho eme hlabahlabane,
ho eme le meutlwa kapele ho nna,
ke ne ke tla e futuhela ke e lwantshe,
ke e hatakele kaofela ha yona,
ke e tjhese.
5 Ho seng jwalo, a ba ke ba tle ho nna,
nna ke be setshabelo sa bona,
ba tle ho nna ke etse kgotso le bona.
E, ba tle ho nna
ke etse kgotso le bona”.
6 Ka matsatsi a tlang
Jakobo o tla hloma,
Iseraele a thunye, a etse dipalesa,
fatshe lohle le tlale tholwana tsa hae.
7 Na Morena o ile a otla Iseraele
jwalokaha a ile a otla
ba ileng ba mo otla?
Na o bolailwe
jwaloka ba ileng ba mmolaya?
8 O mo otlile
ka ho mo lelekela naheng esele,
wa mo fefola ka moya o matla,
jwaloka mohla
moya wa botjhabela o fokang.
9 Molato wa Jakobo
o tla hlakolwa tjena,
ena e be tsela
ya ho fedisa sebe sa hae:
Ha a fedisa
dialetare tsohle tsa majwe,
a di sila, a di etsa thuethue
sa phofo ya mokwetla,
medimo ya bohata,
le tshwantsho tsa Ashera,
di se di le siyo.
10 Motse o haheleditsweng
o fetohile dithako,
ke motse o siilweng,
o furaletsweng sa lehwatata,
ke moo manamane a fulang teng,
a be a bothe, a itjelle makala.
11 Makala a motse oo
ha a omme a ye a rojwe,
basadi ba a rwalle,
ba bese mollo ka wona.
Tjhaba sena ke sa batho
ba hlokang kutlwisiso,
kahoo Mmopi wa sona
a ke ke a se utlwela bohloko,
Mmopi wa sona
a ke ke be a se hauhela.
12 Ka letsatsi leo, Morena o tla pola koro ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, ebe lona bana ba Iseraele, le bokellwa ka bonngwe.
13 Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema.