Baasiria ba sokela baahi ba Jerusalema
1 Ka selemo sa leshome le metso e mene sa puso ya kgosi Hesekiya, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a futuhela metse yohle ya Juda e neng e haheleditswe, mme a e hapa.
2 Jwale kgosi ya Asiria ya romela molaodi wa yona e moholo wa ntwa, le lebotho le leholo le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya a le Jerusalema. Eitse ha molaodi wa ntwa a fihla a emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pele mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela,
3 yaba Eleakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba a mo kgahlanyetsa.
4 Molaodi wa ntwa a re ho bona: “Bolellang Hesekiya, le re ho yena: 5 O re o na le boeletsi le bonatla ntweng, empa polelo ena ke ya molomo feela. Ebe o tshepile mang ha o mphetohetse tjee? 6 Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng. 7 Empa haeba o re ho nna: “Re tshepile Morena Modimo wa rona,” na hase yena eo Hesekiya a heleditseng dibaka tsa hae tsa borapedi, le dialetare tsa hae, a ba a re ho baahi ba Juda le ba Jerusalema: “Le tla rapella kapele ho aletare ee?” 8 “ 9 Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka? 10 Na ke futuhetse naha ee, ho tla e timetsa, e se ka taelo ya Morena? Morena o ile a re ho nna: “Futuhela naha ena o e timetse!” > ” 11 Jwale bo-Eleakime le Shebena le Jowa ba re ho molaodi wa ntwa: “Re a o kopa: Ako bue Searame le bahlanka ba hao, hobane re a se tseba. O se ke wa bua Seheberu moo batho bana ba lerakong ba ntseng ba utlwa.” 12 Empa molaodi wa ntwa a re ho bona: “Na monga ka o nthomme ho monga lona, le ho lona feela, ho tla bua mantswe aa? Tjhe, o nthomme le ho banna bano ba dutseng hodima lerako, ba tla ja masepa a bona, ba nwe le moroto wa bona, jwalokaha le lona le tla etsa jwalo.” 13 Yaba molaodi wa ntwa o a ema, o howeletsa haholo ka puo ya Seheberu, o re: “Mamelang polelo ya kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria! 14 Kgosi e bua tjena: Le se ke la thetswa ke Hesekiya, hobane a ke ke a le pholosa. 15 Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: 16 “Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: 17 ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara. 18 “ 19 E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime? Na e namoletse Samaria matsohong a ka? 20 Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?> ” 21 Empa setjhaba sa kgutsa tu! sa se ke sa mo araba, hobane taelo ya kgosi e ne e itse: “Le se ke la mo araba!” 22 Jwale bo-Eleakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba fihla ho Hesekiya, ba hahotse diaparo tsa bona, mme ba mo phetela dipolelo tsa molaodi wa ntwa.