Modimo ke Morena wa mehla e tlang
1 “Mamelang sena,
lona ba ntlo ya Jakobo,
lona ba bitswang
ka lebitso la Iseraele,
lona ba tswang lelokong la Juda,
lona ba ikanang
ka lebitso la Morena,
lona ba rapelang
Modimo wa Iseraele,
empa e se ka nnete kapa ka ho loka.
2 Le ipitsa baahi
ba motse o halalelang,
mme le tshepa Modimo wa Iseraele,
Morena wa mabotho
ke lona lebitso la hae:
3 “Tse fetileng
ke ne ke di bolele kgale,
ka di phatlalatsa,
ka etsa hore di tsejwe;
ka di etsa ka ho panya ha ntshi,
mme tsa eba teng.
4 Ke tsebile
kamoo o leng manganga kateng;
molala wa hao
o sataletse sa tshepe,
phatla ya hao
yona e ka lethose.
5 Ka baka leo, ke o boleletse tsena
e sa le kgale;
di eso etsahale ka o bolella tsona,
e le hore o tle o se ke wa re:
o di entse, modimo wa ka wa lehong le modimo wa ka wa tshepe, ke yona medimo e ileng ya di laola.> 6 “Tsena kaofela o di utlwile, wa di bona, na ha o na ho di dumela? Ho tloha jwale ke tla o bolella tse ntjha, ke o bolelle tse patehileng, tseo o sa di tsebeng. 7 Di bopilwe hona jwale, e seng tshimolohong, ho fihlela kajeno o ne o eso di utlwe; ka hona o ke ke wa re: 8 Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa; tsebe tsa hao haesale di thibane ho tloha kgale. Ke tseba hantle kamoo o leng maqiti kateng, o bitsitswe lehlabaphiyo ho tloha mohla o tswalwang. 9 “Ka baka la lebitso la ka, kgalefo ya ka ke a e thisisa, ka baka la thoriso ya ka e ke ke ya fihla ho wena, esere mohlomong ka tshoha ke o timetsa. 10 Bona! ke o hlwekisitse, le hoja e se sa silefera; ke o lekile ka seboping sa matshwenyeho. 11 Ka baka la ka, ka baka la ka feela, hona ke ho entse. Nka dumela jwang hore ke senngwe lebitso? Tlotla ya ka ha nka ke ka e nea e mong.” 12 “Mmamele, wena Jakobo, wena Iseraele eo ke o bitsitseng: E hlile ke nna; ke nna wa pele le wa ho qetela. 13 Tsoho la ka ke lona le theileng lefatshe, tsoho la ka le letona le adile mahodimo; ha ke a bitsa a emela hong kaofela. 14 “Kgobokanang kaofela, le mamele: Ke modingwana ofe o boletseng tsee e sa le pele? Ya ratwang ke Morena o tla phetha thato ya Morena, thato eo a e phethe hodima Babilona, tsoho la hae le lwantshe Bakalatiya. 15 Nna, e leng nna, ke se ke buile; e, ke se ke bile ke mmitsitse. Ke mo tlisitse, o tla atleha hohle moo a yang teng. 16 “Atamelang pela ka, le mamele hona: Ho tloha tshimolohong ha ke qala ho bua, ha ke a ka ka buela sephiring; ha tseo di etsahetse ke ne se ntse ke le teng.” Jwale Morena Modimo o nthomme, o nthomme ka Moya wa hae. 17 Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o rutang tse leng molemo ho wena, ya o tsamaisang tseleng e o loketseng. 18 “Hoja o kila mamela ditaelo tsa ka, kgotso ya hao e ka be le jwaloka noka, ho loka ha hao ho ka maqhubu a lewatle. 19 Tloholo tsa hao di ka be di le kaa ka lehlabathe, bana ba hao ba le kaa ka tlhaku tsa lona di se na palo; lebitso la bona le ne le ke ke la fela, leha e le ho hlakoha kapele ho nna.” 20 Tswang Babilona, le balehe Bakalatiya! Phatlalatsang tsena ka mehoo ya thabo, le di phatlalatse ho ya pheletsong tsa lefatshe, le re: “Morena o lopolotse Jakobo, mohlanka wa hae.” 21 Ha ba a ka ba nyorwa ha a ba tsamaisa hara lehwatata; o ila etsa hore metsi a phalle a etswa lefikeng; a otla lefika, metsi a phorosela. 22 “Kgotso ha e yo ho batho ba kgopo,” ho rialo Morena.Siruse, moetapele ya kgethilweng ke Morena
Morero wa Morena ho setjhaba sa hae