ESAYA 49

Iseraele, lesedi la ditjhaba

1 “Lona dihlekehleke,

mmameleng!

Lona tjhaba tse hole,

utlwang tsena!

Morena o mpitsitse

ke sa le popelong,

mohla ke tswalwang

a mpitsa ka bitso la ka.

2 O entse molomo wa ka

seka sabole e bohale,

a mpata moriting wa atla sa hae;

a nketsa motsu o leoditsweng,

a mpata ka sehlajweng sa hae.

3 Yaba o re ho nna:

ke ka wena ke tlang ho tlotliswa.> ”

4 Yaba nna ke re:

“Ke sebeleditse lelea,

ka fufulellwa ntata selala.

Empa se ntshwanelang

se ka atleng sa Morena,

moputso wa ka

o ho Modimo wa ka.”

5 Morena ya nkgethetseng

ho ba mohlanka wa hae,

a nkgetha ke sa le popelong ya mme,

hore ke kgutlisetse Jakobo ho yena,

ke bokelle tjhaba sa hae sa Iseraele,

hobane mahlong a hae ke a tlotleha,

ke Modimo wa ka,

ke yena matla a ka.

6 Jwale Morena o re:

“Ke nthwana e fokolang

hore o be mohlanka wa ka,

o kgutlise merabe ya Jakobo,

o kgutlise bana ba Iseraele

bao ke ba babaletseng.

Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba,

o tlo fihlise ho pholosa ha ka

pheletsong tsa lefatshe.”

7 Morena, Molopolli wa Iseraele,

yena Ya Halalelang,

o bua tjena ho mohlanka wa babusi,

ho ya ileng a nyediswa,

a nyonywa ke ditjhaba:

“Kgosi di tla o bona,

di eme ka maoto,

mahosana le wona a tla o obamela,

ka baka la Morena,

yena ya tshepahalang,

Ya Halalelang wa Iseraele,

ya o kgethileng.”

Jerusalema e hahwa botjha

8 Morena o bua tjena:

“Ka nako ya mohau

ke ile ka o araba,

ka tsatsi la ho pholoswa

ke ile ka o thusa;

ka o boloka hore ka wena

ke etse selekane le ditjhaba,

hore ho tle ho kgutliswe naha,

ho ajwe lefa la yona le senyehileng.

9 Ho batshwaruwa o tle o re:

Ho ba lefifing o re:

Ba tla fula kathoko ho ditsela,

ba fule jwaloka dinku,

makgulo a bona

a be maralleng wohle.

10 Ha ba ka ke ba lapa

kapa ba nyorwa,

kapa ba tjheswa ke motjheso

wa tsatsi la lehwatata.

Ya ba utlwelang bohloko

o tla ba tataisa,

a ba ise pela didiba tse kollang.

11 “Thabeng tsohle tsa ka

ke tla etsa ditsela,

mmila ya ka e katwe

e tle e phahame.

12 Bonang! Ba tla tla ba etswa hole,

ba bang leboya,

ba bang bophirimela,

ba bang ba etswa

naheng ya Sinime.”

13 Lona mahodimo binang ka thabo,

wena lefatshe nyakalla,

lona dithaba binang ka nyakallo!

Morena o tshedisa setjhaba sa hae,

o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.

14 Empa Sione o itse:

“Morena o mphuraletse!

Morena wa ka o ntebetse!”

15 “Na mosadi a ka lebala lesea

leo a le anyesang,

a se ka hauhela ngwana

wa popelo ya hae?

Leha yena a ka lebala,

nna ha nka ke ka o lebala!”

16 Bona! ke ngotse bitso la hao

kahara diatla tsa ka,

marako a hao

ke ntse ke a bona kamehla.

17 “Ba tla tsosa marako a hao,

ba tla kgutla ba potlakile,

ba o hataketseng, ba o ripitla,

bona ba o balehe.

18 Phahamisa mahlo a hao,

o thalatse kahohle;

tjhaba sa hao se a phutheha,

se tla ho wena.

Ke hlapanya ka bitso la ka,”

ho rialo Morena,

“ho wena

ba tla tshwana le mekgabiso,

o ikgabise ka bona

jwaloka monyaduwa.

19 “O fetohile lesupi, o hloka baahi,

le naha ya hao e senyehile,

e ke ke ya hlola e lekana,

e lekana tjhaba sa hao,

le hoja ba neng ba o ripitle

ba tla be ba le hole.

20 Bana bao o ba tswetseng

nakong ya bofifi ba hao,

ba tla bua

moo o ntseng o utlwa, ba re:

ha se re lekane,

re ekeletse naha re tsebe ho haha.>

21 Jwale ka pelong ya hao o tla re:

Ke ne ke shwelwe ke bana,

ka ba jwaloka nyopa,

ka thopuwa,

ka iswa kwana le kwana.

Bana baa ba hodisitswe ke mang?

Ke ne ke setse ke le mong feela,

empa jwale baa bona ba tswa kae?> ”

22 Morena Modimo o bua tjena:

“Bona! ke tla hwehla baditjhaba,

ke ba hwehle ka letsoho,

ke phahamisetse ditjhaba

mokgele wa ka;

di tla kgutlisa bara ba hao

di ba sikile,

di kgutlise baradi ba hao

di ba pepile.

23 Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao,

kgosatsana tsa tsona

e be baanyesi ba hao.

Di tla o obamela

fahleho di tadimile fatshe,

di be di nyeke lerole

le maotong a hao.

Ke moo o tla tseba

hore Morena ke nna,

hobane ba ntshepileng

ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”

24 Na mohale a ka amohuwa

kgapo ya hae,

kapa mothopuwa a lopollwa

ho motlatlapi wa hae?

25 Empa Morena o bua tjena:

“E, bahale ba tla amohuwa

bathopuwa ba bona,

le ba sehloho ba amohuwe

kgapo ya bona,

Ba lwantshanang le wena

ke tla ba lwantsha,

bana ba hao ke ba lopolle.

26 Bahatelli ba hao

ke tla ba fepa nama ya bona,

ba tahwe ke madi a bona

sa veine e ntjha.

Batho bohle ba tla tseba

hore nna Morena,

ke Mopholosi wa hao

le Molopolli wa hao,

yena Ya Matla wa Jakobo.”