ESAYA 54

Lerato la Morena ho Iseraele

1 “Bina, wena nyopa,

o sa kang wa beleha,

tsanyaola, o bine ka thabo,

wena o sa kang wa utlwa

bohloko ba pelehi,

hobane bana ba mosadi ya lahlilweng,

ba bangata ho feta

ba mosadi ya nyetsweng,”

ho rialo Morena.

2 “Atolosa setsha sa tente ya hao,

o sarolle le masira a ntlo ya hao;

lelefatsa kgwele tsa masira a hao,

le dimapo tsa tsona

o di kgokgothele.

3 O tla namela ka ho le letona

le ka ho le letshehadi,

ditloholo tsa hao

di tla hapa naha tsa baditjhaba,

di ahe metseng

eo e seng e le masupi.

4 “O se ke wa tshaba,

o ke ke wa hlajwa ke dihlong,

se tshabe ho tlontloloha,

o ke ke wa nyenyefatswa.

O tla lebala dihlong

tsa botjha ba hao,

ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao,

ha o sa tla hlola o ho hopola.

5 Mmopi wa hao

ke yena monna wa hao,

Morena wa mabotho

ke lona lebitso la hae;

Ya Halalelang wa Iseraele

ke yena Molopolli wa hao,

o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.

6 “Morena o o bitsitse

sa mosadi ya lahlilweng,

a o bitsa

sa mosadi ya hlomohileng,

ya nyetsweng a sa le monyenyane

a ba a lahlwa,”

ho rialo Modimo wa hao.

7 “Ke ile ka o furalla

ka motsotswana feela,

empa ka baka la kutlwelobohloko

ke tla o kgutlisa.

8 “Ka baka la kgalefo ya ka

ke ile ka o furalla,

ka o patela fahleho sa ka

ka motsotswana;

empa kahobane ke o rata,

ke tla o utlwela bohloko

kamehla yohle,”

ho rialo Morena, Molopolli wa hao.

9 “Ho nna tsena di tshwana

le tsa mehleng ya Nowe,

ha ke ne ke hlapanya ke re:

Morallo o ke ke wa eba teng hape;

kahoo ke hlapanya hore

nke ke ka hlola ke o halefela,

nke ke ka hlola ke o kgalema.

10 Leha dithaba di ka sisinngwa

le maralla a suthiswa,

lerato la ka le matla ho wena

le ke ke la sisinyeha,

kapa selekane sa ka sa kgotso

sa fediswa,”

ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.

Jerusalema e ntjha

11 “Wena motse o hlokofaditsweng,

wa tsukutlwa ke difefo,

wa hloka motshedisi,

majwe a marako a hao

ke tla a hahella hodima sekama,

metheo ke e hahe ka majwe a safire.

12 Tora tsa hao ke tla di haha

ka mahakwe a mafubedu,

kgoro e be tsa majwe

a bofubedu ba malakabe,

marako e be a mahakwe a bohlokwa.

13 “Bara ba hao bohle

ba tla rutwa ke Morena,

ditloholo tsa hao

di be le kgotso ya sebele.

14 Ha o etsa tse lokileng

o tla matlafala,

bompodi bona

bo ke ke ba eba teng ho wena,

ha o ka ke wa tshaba letho,

esita le ditshoso

di ke ke tsa o atamela.

15 Bona, o tla fela o futuhelwe,

feela e se ka tumello ya ka;

empa ya o futuhelang

o tla ineela ho wena.

16 “Ke nna ya bopileng lelala,

lona le butswelang

mashala sefuthelong,

ebe le etsa hlomo

tse loketseng mosebetsi wa tsona;

le mosenyi ya senyang

o bopilwe ke nna.

17 Ha ho na sebetsa se tla o bolaya,

bohle ba o qosang

o tla ba hlola ka nyewe.

Lena ke lona lefa

la bahlanka ba Morena,

ke ho loka hoo ke ba neang hona,”

ho rialo Morena.