Ditjhaba tsohle e tla ba tsa Modimo
1 Morena o bua tjena:
“Ahlolang ka toka,
le etse ho nepahetseng,
hobane ho pholosa ha ka
ho se ho le haufi,
le ho loka ha ka
ho se ho tla senolwa.
2 Ho lehlohonolo motho
ya etsang tsena,
ho lehlohonolo motho
ya di kgomarelang,
ya bolokang Sabatha,
ya sa se silafetseng,
eo tsoho la hae
le sa etseng tse mpe.
3 “Se dumelle moditjhaba
ya ikabetseng Morena hore a re:
tjhabeng sa hae ho hang!> Se dumelle lehaole ho ipelaetsa, le re: 4 Morena o bua tjena ho mahaole: “Mahaole a bolokang Disabatha tsa ka, a ikgethelang tse nthabisang, a kgomarelang selekane sa ka, 5 kahara tempele ya ka, kahara marako a yona, ke tla a etsetsa kgopotso, ke a ree lebitso, bitso le fetang la ba nang le bara le baradi, ke tla a rea lebitso la kamehla yohle, bitso le ke keng la hlola le fediswa. 6 “Haele baditjhaba ba ikabetseng Morena, ba ikabetseng ho mo sebeletsa, le hona ho rata bitso la hae, bao e leng bahlanka ba hae, ba bolokang Sabatha, ba se boloka ba sa se silafatse, ba kgomaretseng selekane sa ka; 7 bona ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo. Nyehelo tsa bona tsa setjheso le mahlabelo a bona, tsena ke tla di amohela aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, e bitswe ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle.” 8 Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena: “Ke sa tla boela ke mo kgutlisetsa ba bang, ntle ho bao ke seng ke ba kgutlisitse.” 9 “Lona batana tsohle tsa naha tloong, le harole, lona dibatana tsohle tsa meru. 10 Balebedi ba Iseraele ba foufetse, ha ba na tsebo, ke ntja tsa dimumu, ha di tsebe ho bohola, di a robala, di bothe, di ithatela boroko. 11 Ke ntja tsa menyollo, ha di ke be di kgore, ke badisana ba se nang kutlwisiso, motho ka mong o ikela ka tsela ya hae, motho ka mong o ipatlela mouno moo o ka bang teng. 12 Motho ka mong o re: A re itlopeng jwala, re be re bo shebe feela! La hosasane le tla nne le ke la kajeno, mohlomong le tla ba letle ho feta lena!> ”Ho nyatswa baetapele ba Iseraele