Ho itima dijo ha sebele
1 “Howeletsa haholo,
o se ke wa kgaotsa;
howa haholo
jwalokaha ho letswa lenaka.
Bolella setjhaba sa ka
ditshito tsa sona,
ntlo ya Jakobo
o e bolelle dibe tsa yona.
2 Ka letsatsi le letsatsi
ba ntse ba mpatla,
ba labalabela
ho tseba ditsela tsa ka,
jwalokaha eka ke setjhaba
se etsang tse lokileng,
se sa furallang
melao ya Modimo wa sona.
Ba nkopa ho ba bolella
melao e lokileng,
ba re ba tjhesehela
ho ikatametsa ho Modimo.
3 Ba re: ha re itimme dijo, empa wena o sa ka wa bona? Ke hobaneng ha re itlhokofaditse, empa wena o sa ka wa natsa hoo?> “Ka tsatsi la ho itima dijo, lona le phetha merero ya lona, le sebedisa basebetsi ba lona ka thata. 4 Ho itima dijo ha lona ho baka dikgang le diqabang, ho bake le ho tlantlana, ho tlantlana ka ditebele. Na ho itima dijo ka mokgwa o tjee ho ka etsa hore thapelo tsa lona di mamelehe? 5 Na oo ke mokgwa wa ho itima dijo, na ke mokgwa oo ke o kgethileng, wa hore motho a itlhokofatse ka tsatsi le le leng? Wa hore a kebise hlooho jwaloka letsepa la lehlaka, a ipitike hodima tse mahwashe, a be a itshelake ka molora? Na oo ke wona mokgwa wa ho itima dijo? Na tsatsi le tjee le ka amoheleha ho Morena? 6 “Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise. 7 Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse. 8 “Jwale sedi la hao le tla hlaha, le hlahe jwaloka mafube a meso, ho fola ha hao le hona ho akofe, ho loka ha hao ho tla o etella pele, tlotla ya Morena e sireletse serao sa hao. 9 Etlare ha o ipiletsa, Morena a o arabe, ere ha o kopa thuso, yena a re: “Haeba o fedisa diketso tsa botlatlapi, tsa ho supana ka menwana le ho buisana hampe; 10 ha o ka ikitlaeletsa ho fepa ba lapileng, wa thoba meya ya ba tshwenyehileng, fifi le tla apoha, sedi la hao le kganye, bosiu ba hao bo ke motsheare wa lengeta. 11 Morena o tla o tataisa kamehla, a o fe tseo o di hlokang leha naha e omeletse, a matlafatse ditho tsa mmele wa hao. O tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, o ke sediba seo mohlodi wa sona o sa psheng. 12 Bara ba hao ba tla tsosa thako tsa hao tsa kgale, o hahe hodima metheo ya baholoholo ba hao. Wena o tla bitswa Motsosi wa marako a helehileng, o bitswe Molokisi wa ditsela le matlo.” 13 “Haeba o sa nke maeto ka tsatsi la Sabatha, o sa phethe merero ya hao ka tsatsi la ka le halalelang; haeba o bitsa Sabatha letsatsi la thabo, o re ke la Morena le halalelang, le hlomphehang; haeba o le hlompha ka ho se etse mesebetsi ya hao, o sa phethe merero ya hao, o sa bue mafeela; 14 ke hona o tla thabela Morena, a etse hore lefatshe lohle le o hlomphe, o je lefa la ntataomoholo Jakobo.” Ke Morena ya buileng jwalo.Moputso wa ho hlompha Sabatha