Lebitso le letjha la Sione
1 Ka baka la Sione
ha nka ke ka kgutsa,
ka baka la Jerusalema
ha nka ke ka phomola,
ho fihlela
ho loka ha yona ho kganya
ho kganya sa mafube a meso,
topollo ya yona
e tshwana le lebone le tukang.
2 Baditjhaba ba tla bona
ho loka ha hao,
dikgosi tsohle di bone
tlotla ya hao;
wena o tla bitswa
ka lebitso le letjha,
leo o tla la rewa
ke Morena ka seqo.
3 Matsohong a Morena
o tla ba mofapahlooho wa tlotla,
matsohong a Morena
o be moqhaka wa bokgosi.
4 Ha o ka ke wa hlola
o bitswa Molahluwa,
kapa naha ya hao e bitswe Nanaola;
empa o tla bitswa Monnyakalatsi,
naha ya hao e bitswe Monyaduwa,
hobane Morena o thabiswa ke wena,
naha ya hao
e tla ba mohatsa Morena.
5 Jwalokaha mohlankana
a nyala morwetsana,
bara ba hao le bona
ba tla o nyala;
jwalokaha monyadi
a thabela monyaduwa,
Modimo wa hao le yena
o tla o thabela.
6 “Ke beile balebedi
hodima marako a hao,
wena Jerusalema,
ba ke keng ba kgutsa
motsheare le bosiu:
Lona ba rapelang Morena
le se ke be la kgutsa,
7 Morena le se ke be la mo fa phomolo,
ho fihlela a hlomamisa Jerusalema,
a etsa hore lefatsheng mona
e be Sebabatso!
8 “Morena o hlapantse
ka tsoho le letona la hae,
a hlapanya
ka matla a tsoho la hae, a re:
ke fana ka mabele a hao, ke a nea dira tsa hao hore e be dijo tsa tsona; baditjhaba ha ba ka ke ba hlola, ba enwa veine ya hao, veine eo o e sebeleditseng ka thata. 9 Ba kotulang mabele ke bona ba tla a ja, ba a je, ebe ba rorisa Morena; ba kgang morara ke bona ba tla nwa veine, ba e nwelle mabaleng, mabaleng a Sehalalelo sa ka.> ” 10 Tswang! Tswang! ka dikgoro tsa motse, le lokise tsela ya tjhaba sa ka; batalatsang, batalatsang mmila, le suthise majwe, le phahamisetse ditjhaba tsohle mokgele. 11 Morena o entse phatlalatso, a e etsa ho ya fihla dipheletsong, pheletsong tsa lefatshe: “Bolellang moradi wa Sione, le re: o sa le tseleng, o tla a nkile moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele.> ” 12 Ba tla bitswa tjhaba se halalelang, ba bitswe balopollwa ba Morena; wena o tla bitswa Mpatlwane, o bitswe motse o sa furallwang.