JEREMIA 5

Sebe sa Jerusalema

1 “Nyolosang, le theose diterata,

terata tsa Jerusalema;

le qamake kahohle le hlokomele,

le batlisise le mabaleng a motse;

ha le ka fumana motho

leha a le mong,

motho ya etsang toka,

ya batlang nnete,

motse wa Jerusalema

ke tla o tshwarela.

2 Leha ba hlapanya, ba re:

nnete ke hore

ba hlapanya ka thetso.”

3 Morena, ha ke re wena

o batla nnete?

O ba otlile,

ha ba a utlwa bohloko;

o ba kgahlotse,

ha ba a boela tseleng,

ba thatafaditse

fahleho tsa bona sa lejwe,

ba hanne ho bakela dibe tsa bona.

4 Yaba nna ke re:

“Bana ke bathwana

ba hlokang tsebo,

bao tsela ya Modimo

ba sa e tsebeng,

ba sa tsebeng taelo

tsa Modimo wa bona.

5 Ke tla ya ho ba baholo,

ke buisane le bona;

tsela ya Morena bona ba a e tseba,

ba tseba le taelo

tsa Modimo wa bona.”

Empa kaofela ha bona

joko ba e robile,

marapo le wona ba a kgaotse.

6 Kahoo tau tsa meru

di tla ba bolaya,

phiri tsa lehwatata di ba harolake,

mangau a solle hara metse ya bona.

Bohle ba tswelang kantle

ba tla tsekollwa,

hobane dibe tsa bona di ngatangata,

bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.

7 “Nka o tshwarela tsee

ka baka lang?

Bana ba hao ba mphuraletse,

ba hlapanya ka medimo

eo e seng medimo.

Hoba ke ba fepe,

ba je sa mpanaphatloha,

ba ile ba ikabela ho etsa bofebe,

ba hlolokana matlung a diotswa.

8 Ba ka poho tsa dipere

tse fepehileng,

tse batlang ho thokola,

monna ka mong

o lakatsa mosadi wa e mong.

9 Na ha ke lokele

ho ba otlela tsee?”

ho rialo Morena.

“Na tjhaba se tjee ha se lokelwe

ke boiphetetso ba ka?

10 “Kenang hara merara ya sona

le e robake,

feela le se ke la e roba

kaofela ha yona;

makala a yona le a kgaole,

hobane makala ao

hase makala a Morena.

11 Ba ntlo ya Iseraele

le ba ntlo ya Juda,

ba ntlhoketse botshepehi haholo,”

ho rialo Morena.

Morena o furalla Baiseraele

12 Ba ile ba latola Morena, ba re:

“Ha a ka ke a re etsa letho;

bobe bo ke ke ba re wela hodimo,

ntwa le tlala ha re sa tla di bona!

13 Baporofeta bona ke moya feela,

ha ba na molaetsa

o tswang ho Morena;

a ba ke ba timele ke hona!”

14 Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o re:

“Kaha setjhaba

se buile mantswe ana,

bona, polelo tsa ka

tse tswang molomong wa hao,

ke tla di etsa mollo,

tjhaba sena e be patsi

e tjheswang ke wona.

15 Wena ntlo ya Iseraele,”

ho rialo Morena,

“ke tlisa tjhaba se tswang hole

ho o futuhela,

tjhaba sa kgale, sa boholoholo,

tjhaba seo puo ya sona

o sa e tsebeng,

tjhaba seo leme le sona

o sa le tsebeng.

16 Dihlajwa tsa sona

di ka bitla le ahlameng,

kaofela ke tjhaba sa dinatla,

natla tsa bahlabani.

17 Se tla ja dijalo le dijo tsa hao,

se je bara le baradi ba hao;

se je mehlape ya dikgutshwane

le ya dikgomo,

se je morara le feiye ya hao.

Metse e hahetsweng marako,

eo o e tshepang,

e tla timetswa ka sabole,

e timetswe ke sera seo.

18 “Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang.

19 Etlare ha batho ba botsa, ba re: Wena o tla ba bolella hore Modimo o re:

Morena o eletsa setjhaba sa hae

20 “Bolelang tsena

ho ba ntlo ya Jakobo,

le di phatlalletse

ba ntlo ya Juda, le re:

21 Mamelang tsena,

lona tjhaba se sethoto,

lona tjhaba se se nang kutlwisiso,

tjhaba se nang le mahlo

empa se sa bone,

tjhaba se nang le ditsebe

empa se sa utlwe:

22 Na ha le ntshabe?”

ho rialo Morena.

“Ha le thothomele keng

ha le le kapele ho nna?

Nna ya etseditseng lewatle moedi,

ka o etsa ka lehlabathe,

moedi o sa tloheng,

oo le ke keng la o tlola?

Maqhubu a ka tsudubutlana,

a ka ke be a o tlosa!

A ka kwasa a ratile,

a ke ke be a o tlola!

23 Empa tjhaba sena se manganga,

se fetohaka feela;

se se se kgelohile,

mme jwale se iketse.

24 Ha se sa bua le ka dipelo, sa re:

Modimo wa rona,

ya re nesetsang dipula tsa hwetla,

le mafafatsane a selemo

ka nako ya teng;

ya sa keng a lebala

ho re tlisetsa

dinako tse sa fetoheng,

nako tsa ho kotula.>

25 Ditshito tsa lona

di thibetse tsena,

dibe tsa lona

tsa le amoha melemo ena.

26 “Batho ba kgopo ba teng

tjhabeng sa ka,

ba lallang sa batshosi ba dinonyana,

sa ba tjhehang difi

hore ba kgate batho.

27 Jwalokaha serobe

se ye se tlale dinonyana,

matlo a bona le wona

a tletse thetso,

kahoo ba a matlafala,

leruo la bona le ate.

28 Ba a rotoloha,

ba be moropotsana,

ketso tse kgopo tsa bona

ke tse se nang moedi;

ha ba ahlole dinyewe ka toka,

ha ba buelle dikgutsana dinyeweng,

ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana.

29 Na ha ke lokele

ho ba otlela tsee?”

ho rialo Morena.

“Na tjhaba se tjee ha se lokelwe

ke boiphetetso ba ka?

30 “Ntho e tshabehang,

e nyonyehang haholo,

e etsahetse kahara naha ena:

31 Baporofeta ba porofeta leshano,

baprista ba kgema le baporofeta,

tjhaba sa ka se rata

ha taba di eme jwalo.

Le tla etsang

ha tsee di fihla qetellong?”