JEREMIA 10

Borapedi ba nnete le ba bohata

1 Lona ba ntlo ya Iseraele, mamelang seo Morena a se buang ho lona.

2 Morena o bua tjena:

“Se ithuteng mekgwa ya baditjhaba,

se tshosweng ke dipontsho,

pontsho tsa lehodimo,

le hoja baditjhaba

ba tshoswa ke tsona.

3 Meetlo ya baditjhaba ke ya lefeela,

baditjhaba ba rema sefate morung,

ebe sebetli ka selepe se a se betla.

4 Ba se kgabisa ka silefera

le ka kgauta,

ba se kgokgothele ka noto

le ka dipekere,

hore se se ke sa sisinyeha.

5 Medingwana ena e ka setshosa,

e ka setshosa se hlonngwe

tshimong ya mahapu,

empa ha e le ho bua hona

ha e ho tsebe;

eka kgona ba e jare,

hobane ha e tsebe ho tsamaya.

Lona le se e tshabe,

e ke ke ya le ntsha kotsi,

ho etsa molemo le hona

ha e ho tsebe.”

6 Ha ho ya tshwanang le wena Morena,

wena o moholo,

bitso la hao le leholo, le matla.

7 Ke mang ya ke keng a o tshaba,

wena Kgosi ya ditjhaba?

E hlile ho tshajwa,

wena ho a o lokela.

Hara banna bohle

ba bahlalefi ditjhabeng,

banna ba bahlalefi

ba mebusong ya bona,

ha ho le ya mong

ya tshwanang le wena.

8 Bohle ba hloka kelello,

ba thotofetse,

thuto tsa medimo ya lehong

ke tsa lefeela.

9 Silefera e bateletsweng

e tswa Tarashishe,

kgauta yona

ke e tswang kwana Ufase,

ke mosebetsi wa setei,

o entsweng ke lelala;

medingwana e apeswa tse putswa

le tse perese:

Tsohle di entswe

ke ditsebi tsa mesebetsi.

10 Empa Morena

ke Modimo wa nnete,

ke Modimo ya phelang,

Kgosi ya kamehla yohle.

Ha a halefile

fatshe lohle le a reketla,

tjhaba di sitwa

ho mamella kgalefo ya hae.

11 Jwale o ba bolelle, o re: “Medimo e sa kang ya bopa lehodimo le lefatshe e tla fediswa, e ke ke ya hlola e eba teng lefatsheng.”

Sefela se rorisang Modimo

12 Ka matla a hae

Modimo o entse lefatshe,

ka bohlale ba hae

a le tsitsisa tulong tsa lona,

ka kelello ya hae a ala le mahodimo.

13 Ha a thwathwaretsa

metsi a lehodimo a a hwasa,

o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe,

ha pula e ena o tsekemisa lehadima,

a bulele difefo,

di tswe moo di kwaletsweng.

14 Batho bohle ha ba na tsebo,

ba thotofetse,

malala a kgauta

a hlabiswa dihlong,

a hlabiswa dihlong

ke medingwana ya wona.

Medingwana ena ya wona

ke ya leshano,

medingwana ena ya wona

ha e phefumolohe.

15 Ke mafeelafeelane,

ke ntho tsa ho nyediswa,

ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihla

e tla timela!

16 Modimo wa Jakobo yena

ha a tshwane le yona,

hobane ke yena Mmopi wa tsohle;

o kgethile Iseraele

hore e be tjhaba sa hae,

Morena wa mabotho

ke lona lebitso la hae.

Ho phaphatheha ho se ho le haufi

17 Lona ba thibeletsweng

tlamang thoto ya lona,

le e tlame,

le be le tswe kahara naha ena.

18 Morena o bua tjena:

“Ke tla tjekeletsa

baahi ba naha ena, kantle ho yona,

ke ba sotle,

ke ba bakele mahlomola!”

19 Ke madimabe

hobane ke tswile kotsi!

Leqeba la ka ha le ka ke la fola!

Empa ka pelong ka ikgothatsa,

ka re: “Ena ke tsietsi ya ka,

ke tlameha ho e mamella.”

20 Tente ya ka e senyehile,

kgwele tsa yona tsohle

di kgaohile;

bana ba ka bohle ba ntshiile,

ha ho ya setseng

ho hloma tente ya ka,

kapa hona ho phutholla

masira a yona.

21 Badisa ba hloka kelello,

thuso ya Morena ha ba e batle,

kahoo ba ke ke ba fumana katleho,

mehlape ya bona yohle e qhalakane.

22 Mamela! Molaetsa ke ona o a tla!

Morusu o moholo

o hlaha naheng e ka leboya!

Metse ya Juda

e tla fetolwa nanaola,

e fetohe dilao tsa diphokojwe.

Thapelo ya Jeremia

23 Morena, sena ke a se tseba,

motho ha a ikgethele tsela ya hae,

hase yena ya laolang mehato ya hae.

24 Oho, Morena,

ako nkgalemele ka toka,

o se ke wa nkgalemela o halefile,

esere wa mphetola lefeelafeelane.

25 Halefela tjhaba tsena

tse sa o tsebeng,

o halefele batho

ba sa ipiletseng ho wena.

Tjhaba tsena di metsitse Jakobo,

tsa mo metsa bokwiditane,

tsa mo timetsa,

metse ya hae tsa e fetola nanaola.