Diroto tse pedi tsa feiye
1 Ha Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a se a thopile Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, le mahosana a Juda, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala, a ba tlositse Jerusalema, a ba isa Babilona, Morena a mpontsha diroto tse pedi tsa feiye, tse beilweng kapele ho Tempele ya Morena.
2 Se seng sa diroto tsena se ne se tshetse feiye e ntle, e tshwanang le feiye e butswang pele; se seng sona se tshetse feiye e bodileng, hoo e neng e ke ke ya jewa.
3 Yaba Morena o re ho nna: “Jeremia, o bonang?”
Nna ka araba, ka re: “Feiye! Feiye e ntle, e ntle haholo, empa feiye e bodileng yona e bodile hoo e ke keng ya jewa.”
4 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
5 “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: 6 Ke tla ba alosa, ke ba etsetse tse molemo, mme ke ba kgutlisetse naheng ena hape. Ke tla ba bopa, ke se ke ka ba qhalanya; ke tla ba tsitsisa, ke se ke ka ba diha. 7 Ke tla etsa hore dipelo tsa bona di ntsebe, di tsebe hore ke nna Morena. Bona e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla kgutlela ho nna ka dipelo tsa bona tsohle. 8 “ 9 10 Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ba fedile lefatsheng leo ke neng ke ba nee lona le bo-ntata bona.> ”