JEREMIA 25

Sera se tswang leboya

1 Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, malebana le setjhaba sa Juda.

2 Yaba moporofeta Jeremia o bua ho setjhaba sohle sa Juda, le ho baahi bohle ba Jerusalema, o re:

3 “Ho qala ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ho fihlela kajeno, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Morena le ntse le mphihlela. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mamela letho.

4 Le hoja Morena a nnile a le romela bahlanka ba hae bohle, e leng baporofeta, ha le a ka la mamela kapa la sekeha ditsebe tsa lona.

5 Baporofeta ba ile ba re:

6 Le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, la e kgumamela; le se ke la mphephetsa, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme ha nka ke ka le hlokofatsa.

7 “ ho rialo Morena;

8 “Ka baka leo, Morena wa mabotho o re:

9 ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,> ho rialo Morena,

10 Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone.

11 Naha ena yohle e tla ba nanaola le setsoto, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa kgosi ya Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.

12 “ ho rialo Morena.

13

14 Bakalatiya le bona ba tla sebeletsa ditjhaba tse ngata le dikgosi tse matla, ke ba otle ho ya ka diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.>

Modimo o ahlola ditjhaba

15 “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho nna, o re:

16 Di tla se nwa, di thekesele, di hlanye ka baka la sabole eo ke tla di bolaya ka yona.> ”

17 Yaba ke nka senwelo se ka letsohong la Morena, ke se nwesa ditjhaba tsohle tseo Morena a nthommeng ho tsona,

18 e leng tse Jerusalema le metseng ya Juda le dikgosi tsa yona, le mahosana a yona, hore di tle di fetohe nanaola, setsoto, sekgobo le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;

19 le Faro, kgosi ya Egepeta, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le setjhaba sohle sa hae,

20 le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode,

21 le Edomo, le Moabe, le bana ba Amone,

22 le dikgosi tsohle tsa Tire, le dikgosi tsohle tsa Sidone, le dikgosi tsohle tsa dinaha tse lebopong la lewatle,

23 le Dedane, le Tema, le Buse, le tsohle tse dibakeng tse hole,

24 le dikgosi tsohle tsa Arabia, le dikgosi tsohle tsa merabe esele a ahileng lehwatateng,

25 le dikgosi tsohle tsa Simeri, le dikgosi tsohle tsa Elame, le dikgosi tsohle tsa Media,

26 le dikgosi tsohle tsa leboya, tse hole le tse haufi, ka ho hlahlamana ha tsona, le mebuso yohle e teng mona lefatsheng, mme qetellong ho tla nwa kgosi ya Sheshake.

27 “Jwale o tle o re ho bona:

28 Empa haeba ba hana ho nka senwelo se ka letsohong hore ba nwe, wena o tle o re ho bona:

29 Bonang, jwale ke qala ho dihela koduwa hodima motse ona o bitswang ka lebitso la ka; ebe na lona le ke ke la otlwa ho hang? Le tla otlwa, hobane baahi bohle ba lefatshe ke tla ba bolaya ka sabole,> ho rialo Morena wa mabotho.

30 “Jwale ba porofetele mantswe ana wohle, o re ho bona:

a howeletse a le sehalalelong sa hae,

a kgarumele lefatshe la hae.

O tla howa sa batho

ba tlhotlang morara,

a howeletse baahi bohle ba lefatshe.

31 Rata le tla fihla

pheletsong tsa lefatshe,

hoba tjhaba tsohle

Morena o tla di qosa,

batho bohle le bona a ba ahlole,

ba kgopo a ba bolaye ka sabole,> ”

ho rialo Morena.

32 Morena wa mabotho o bua tjena:

“Koduwa e tla aparela ditjhaba!

Lehodiotswana le tla tsoha,

le tla tsoha pheletsong tsa lefatshe!”

33 Mohla tsatsi leo, bao Morena a ba bolaileng ba tla fumanwa hohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya fihla ho e nngwe. Ha ba ka ke ba llelwa, ditopo tsa bona ha di ka ke tsa phuthwa leha e le ho epelwa; di tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.

34 Lona badisa llang,

le bokolle haholo,

lona beng ba mohlape

ipitikeng hodima molora;

nako ya ho bolawa ha lona e fihlile,

nako ya ho qhalanngwa ha lona

e phethahetse;

le tla wa, le pshatlehe

sa lefiso le letleletle!

35 Badisa ha ba ka ke

ba fumana setshabelo,

beng ba mohlape le bona

ba sitwe ho phonyoha.

36 Seboko sa badisa se tla utlwahala,

le sello sa beng ba mehlape,

sello sa pohomela,

hobane makgulo a bona

Morena o a sentse!

37 Metse ya bona ya kgotso

e fetohile masupi,

ka baka la kgalefo ya Morena,

kgalefo e tlokomang.

38 Morena o jwaloka tau

e tswile selaong,

kahoo naha ya bona

e fetohile nanaola,

ka baka la bohale ba sabole,

sabole ya motlatlapi,

ka baka la kgalefo ya Morena,

kgalefo e tlokomang.