JEREMIA 29

Lengolo le ngoletsweng bathopuwa

1 Ana ke mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a neng a le ngole a le Jerusalema, a le ngolla masalla a baholo ba setjhaba ba ileng ba thopuwa, le baprista le baporofeta le setjhaba sohle seo Nebukadenesare a neng a ile a se thopa Jerusalema, a se isa Babilona.

2 Le ile la ngolwa hoba batho bana ba tlohe Jerusalema, e leng kgosi Koniya, le mofumahadi, le matona, le mahosana a Juda le a Jerusalema, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le malala.

3 Lengolo le ne le rometswe ka Elasa, mora wa Shafane, le Gemareya, mora wa Hilekiya, bao Sedekiya, kgosi ya Juda, a neng a ba romme ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Lengolo leo le ne le re:

4 “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho bohle ba ileng ba thopuwa, bao ke ileng ka etsa hore ba tloswe Jerusalema, ba iswe Babilona:

5

6 Inyalleng basadi, le itswalle bara le baradi; nyadisang bara ba lona, le baradi ba lona ba inyallwe, ba tle ba itswalle bara le baradi, e le hore le anafale, palo ya lona e se ke ya fokotseha.

7 Motse oo ke entseng hore le iswe ho wona le le bathopuwa le ke le o batlele kgotso, le o rapelle ho Morena, hobane ke ha feela motse oo o ena le kgotso le lona le tlang ho ba le kgotso!>

8 “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena:

9 Batho bana ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke a ba roma,> ho rialo Morena.

10 “Morena o bua tjena:

11 Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,> ho rialo Morena,

12 Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.

13 Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.

14 Le tla mphumana,> ho rialo Morena, ho rialo Morena,

15 “Mohlomong le ka re:

16 empa Morena o bua tjena ka kgosi e dutseng teroneng ya Davida le ka setjhaba sohle se setseng motseng ona, e leng bang ka lona ba sa kang ba ya le lona bothopuweng,

17 e, Morena wa mabotho o bua tjena:

18 Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, hore ba tle ba rohakwe, e be setsoto, le sekgobo, ba nyediswe ditjhabeng tseo ke ba leleketseng ho tsona.

19 Ke hobane ha ba a ka ba mamela mantswe a ka, ao ke nnileng ka ba romela wona ka makgetlokgetlo, ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta. Empa le lona ha le a ka la mamela,> ho rialo Morena.

20 “Ka baka leo, lona bohle ba bothopuweng, bao ke ileng ka ba tlosa Jerusalema ka ba isa Babilona, mamelang mantswe a Morena.

21 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le Akabe, mora wa Kolaya, le Sedekiya, mora wa Maasiya, ba le porofetelang leshano ka lebitso la Morena, o re:

22 Bathopuwa bohle ba tswang naheng ya Juda, ba isitsweng Babilona, ha ba rohaka motho, ba tla re: Morena a ke a le etse seo a neng a se etse Sedekiya le Akabe, bao kgosi ya Babilona e neng e ba tjhese ka molla,

23 hobane ba ne ba entse manyala naheng ya Iseraele. Ba etsa bohlola le basadi ba ba ahelaneng le bona, ba bua leshano ka lebitso la ka, empa ke sa ba laela ho bua jwalo. Le nna ke a tseba, mme ke paki,> ho rialo Morena.

Molaetsa o ngoletsweng Shemaya

24 “Ho Shemaya ya tswang Nehelame le tle le bue tjena, le re:

25

26 Morena o o entse moprista bakeng sa moprista Jehoyada, hore o be molebedi wa Tempele ya Morena, e le hore motho e mong le e mong ya itlhantshang ka ho iketsa moporofeta, o mo kenye tjhankaneng, o mo tlame ka mahlaahlela maotong le molaleng.

27 Jwale ke ka baka lang o sa kang wa kgalemela Jeremia wa Anatote ya ikentseng moporofeta wa lona?

28 O rometse molaetsa ho rona, Babilona, a re: Le tla nka nako e telele le ntse le thopilwe. Ikgaheleng matlo, le itulele ho wona; itemeleng dirapa, le itjelle tse melang ho tsona.> ”

29 Moprista Sofonea a bala lengolo lena moo moporofeta Jeremia a ntseng a utlwa.

30 Jwale lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:

31 “Romela molaetsa ho bothopuwa bohle, o re:

32 ka baka leo, Morena o re: Bonang, ke tla otla Shemaya ya tswang Nehelame le ditloholo tsa hae. Ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla sala; le yena Shemaya ha a ka ke a bona tse molemo, tseo ke tla di etsetsa setjhaba sa ka, hobane o rutile setjhaba sa ka ho mphetohela,> ” ho rialo Morena.