JEREMIA 30

Baiseraele ba tla kgutlela naheng ya bona

1 Lena ke lentswe la Morena le ileng la tla ho Jeremia, le re:

2 “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena:

3 Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena.

4 Ana ke mantswe ao Morena a neng a a bue malebana le setjhaba sa Iseraele le sa Juda.

5 Morena o bua tjena:

“Re utlwile seboko

se bakwang ke tshabo,

seboko sa tshabo e seng sa kgotso.

6 Inahaneng ke hona,

le be le botse:

Na monna a ka beleha ngwana?

Ke hobaneng ha banna

ba itshwere matheka,

ba itshwere sa mosadi a kena tlung?

Ke hobaneng

ha fahleho tsohle di pudufetse?

7 Jo, tsatsi leo le leholo haholo!

Ha ho na le ka tshwanang le lona:

Ke tsatsi la tlokotsi ya tjhaba sa ka,

empa tjhaba seo

se tla phonyoha ho yona.

8 “Ka tsatsi leo,

ho rialo Morena mabotho,

ke tla roba joko e molaleng wa sona,

marapo a se tlammeng ke a kgaole,

se se hlole se sebeletsa baditjhaba.

9 Se tla sebeletsa Morena,

Modimo wa sona,

se sebeletse Davida, kgosi ya sona,

yena eo ke tla mmea

ho ba kgosi ya sona.

10 “Ka baka leo, se tshabe letho,

wena mohlanka wa ka Jakobo,”

ho rialo Morena.

“Se tsielehe, wena Iseraele,

ke tla o pholosa

o le bakeng se hole,

ke lopolle tloholo tsa hao

naheng ya bothopuwa;

tjhaba sa ka se tla kgutla,

se phele ka kgotso,

se phele ka boiketlo,

ho se ya se tshosang.

11 Ke na le wena, ke tla o pholosa,”

ho rialo Morena.

“Le hoja ka tla timetsa

ditjhaba tsohle,

tjhaba tseo le tletsatletseng

hara tsona,

wena ha nka ke ka o timeletsa ruri.

Leha ke o kgalemela

e tla ba ka toka,

nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”

12 Morena o bua tjena:

“Maqeba a hao ke a sa foleng,

kotsi tsa hao ke tse sa phekoleheng.

13 Ha ho ya o buellang nyeweng,

diso tsa hao ha di na pheko,

ha ho na tshepo ya hore o tla fola.

14 Bohle ba o ratang ba o lebetse,

ha ba sa re letho ka wena;

ke o otlile sa sera se o otla,

ka o tuba sa ya sehloho a o tuba,

ka baka la bongata

ba makgopo a hao,

hoba dibe tsa hao

di ile tsa eketseha.

15 O llisetswang

ke matshwenyeho a hao?

Bohloko ba hao

ke bo sa phekoleheng!

Ka baka la bongata

ba makgopo a hao,

le ka baka la bongata

ba dibe tsa hao,

tsena ke entse hore di o hlahele.

16 Bohle ba o timetsang

le bona ba tla timetswa,

dira tsa hao tsohle

di tla thopuwa.

Ba o hanyapetsang

ba tla hanyapetswa,

ba o hapelang

le bona ba tla hapelwa.

17 Ke tla o phekola,

ke fodise maqeba a hao,”

ho rialo Morena,

“hoba ba ile ba o bitsa Molahluwa,

ba re: Ena ke Sione

e sa natsweng ke motho.”

18 Morena o bua tjena:

“Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka,

Ke se kgutlisetse naheng ya sona,

lelapa ka leng ke le hauhele,

Masupi a Jerusalema a tla tsoswa,

le yona ntlo ya bokgosi

e be e tsoswe.

19 Baahi ba yona

ba tla bina dithoko,

mehoo ya thabo

le yona e utlwahale.

Palo ya bona ke tla e eketsa,

mme ha ba ka ke ba fokotseha.

Ke tla be ke ba tlisetse tlotla,

ba ke ke ba hlola ba nyediseha.

20 Bana ba bona ba tla tshwana

le mehleng ya kgale,

tjhaba sa bona se tsitse

ke ntse ke se bona;

bahatelli ba bona bohle

ke tla ba otla.

21 Kgosi ya bona

e tla hlaha hara bona,

kgosana ya bona

e be e mong wa bona;

ke tla e atametsa,

e be haufi le nna.

Ya tla ba le sebete

sa ho nkatamela ke mang?”

ho rialo Morena.

22 “Lona le tla ba setjhaba sa ka

nna ke be Modimo wa lona.”

23 Setsokotsane sa Morena

se ferella se halefile,

ke tsokotsane se puputlang

se sa kgaotse;

se tla theohela

hodima hlooho tsa ba kgopo.

24 Kgalefo e tlokomang ya Morena

ha e na ho kgaotsa

ho fihlela Morena

a phethile morero wa hae;

mehleng e tlang

le tla ultwisisa tsena hantle.