Babilona e ahlolwa hape
1 Morena wa mabotho o bua tjena:
“Ke tla tsosa moya o timetsang,
moya wa kgalefo,
ke o tsosetse Babilona
le baahi ba yona.
2 Ke tla romela baditjhaba
naheng ya Babilona,
ho ya e hlokola
ba e siya e le feela:
Mohla tsatsi la koduwa ya Babilona,
ba tla e futuhela
ba e hlahile kahohle.
3 Wa seqha o tla hloka nako
ya ho fula ka seqha,
a hloke le nako
ya ho apara tsa ntwa.
Le se qenehele batjha ba Babilona,
mabotho wohle a Babilona
le a timetse!
4 Baahi ba Babilona ba tla bolawa,
topo tsa bona e be mofela
hara diterata!
5 Baiseraele le Bajuda
ha ba a furallwa ke Modimo,
Modimo wa bona,
Morena mabotho,
le hoja naha ya bona e tletse melato,
melato e sitetsweng
Ya Halalelang wa Iseraele.
6 “Bohle balehang
naheng ya Babilona!
Se timetsweng
ka baka la bokgopo ba yona!
Nako ena ke ya hore
Morena a iphetetse,
a putse Babilona
ka mokgwa o phethehileng.
7 Babilona e ne le mokgako
wa kgauta tsohong la Morena,
mokgako o ila tahisa
lefatshe lohle.
Ditjhaba di ile tsa nwa veine,
veine ya Babilona,
jwale tjhaba tseo
di fetohile mahlanya!
8 Babilona e wele hanghang
ya bjaramana!
Llelang Babilona ke hona!
E feng setlolo
sa ho thoba maqeba a yona
haeba le re ho etsa jwalo
ho tla e phekola.
9 “ empa Babilona ha e ka ke ya phekoleha; a re e tloheleng ke hona he, motho ka mong a kgutlele naheng ya habo, hobane kotlo tsa Babilona ke mohlomelo, di fihla mahodimong, di lopalletse hodimo ho ya fihla marung!> 10 “ molatong wa rona, tloong, re yo phatlalatsa tsena Sione, re bolele mesebetsi ya Morena, Modimo wa rona.> 11 “Tjhorisang metsu, le nke dithebe tsa lona, Morena o phepheditse kgosi tsa Bamede di halefile, sepheo sa hae ke ho timetsa Babilona. Bona ke bona boiphetetso, boiphetetso ba Morena, ke ho phetetsa le Tempele ya hae. 12 Phahamisang mokgele hodima marako a Babilona! Matlafatsang balebedi ba motse! Beang dibohodi, le bee le balalli, hobane Morena o tla phetha morero wa hae, morero oo a soketseng baahi ba Babilona ka wona. 13 Wena ya ahileng pela dinoka tse kgolo, wena ya nang le matlotlo a le mangata, pheletso ya hao kajeno e se fihlile, nako ya bophelo ba hao e se fedile. 14 Morena wa mabotho o se a ikanne: Ke tla tlatsa batho hara naha ya hao, bongata ba bona bo lekane le ba ditsie; ba tla o hlabela mekgosi ya ho o hlola.” 15 “Ka matla a hae Morena o hlodile lefatshe, ka bohlale ba hae a tsitsisa metheo ya lona, ka kutlwisiso ya hae a ala le mahodimo. 16 Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a qhwebeshana, o nyolla mohodi pheletsong tsa lefatshe. ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele meya moo a ntsa e kwaletse teng. 17 “Batho bohle ke dithoto, le tsebo ha ba na yona, malala wohle a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana, medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe. 18 Ke ntho tsa mafeela, ke ntho tsa ho nyediswa, e tla timela mohla tsatsi la kotlo ya yona. 19 Modimo wa Jakobo ha a tshwane le medingwana, hobane yena ke mmopi wa tsohletsohle, o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae: Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.” 20 “O tshukudu ya ka, hlomo sa ka sa ntwa, hobane ka wena ke tla qhemetsaka ditjhaba, ka wena mebuso yohle ke e fedise. 21 Ka wena ke tla qhemetsa pere le mopalami, ka wena ke qhemetse kariki ya ntwa, ke e qhemetse le moqhobi wa yona. 22 Ka wena ke tla qhemetsa monna le mosadi, ka wena ke qhemetse maqheku le ditjharola, ka wena ke qhemetse banana le bashanyana. 23 Ka wena ke tla qhemetsa modisa le mohlape wa hae, ka wena ke qhemetse molemi le dipholo tsa hae, ka wena ke qhemetse babusi le babusisi.” 24 “Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena. 25 “Wena thaba e timetsang ke a o lwantsha, wena ya timetsang lefatshe lohle,” ho rialo Morena. “Ke tla o nanabela ka letsoho la ka, ke o thete, o wele, ke o dihele ka dilomong, ke o tshwantshe le thaba e le lehoko. 26 Lejwe la mantlha le ke ke la nkuwa ho wena, kapa lona lejwa la ho etsa motheo, hobane o tla fetoha nanaola kamehla yohle,” ho rialo Morena. 27 “Phahamisang mokgele le hara naha! Letsang lenaka hara ditjhaba! Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, le meme mebuso ena e e futuhele: Ararate le Mini le Ashekenase. Kgethang molaodi ya tla e futuhela, le romele dipere tse kang boiyane ba ditsie. 28 Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, dikgosi tsa Bamede le di meme, le meme babusi le bahlanka ba tsona, le dinaha tsohle tseo ba di busang. 29 Lefatshe le a reketla, le a meneka, Morena o tsitsisitse morero wa hae wa Babilona, morero wa hore naha ya Babilona a e falatse, a e falatse ho se be ya ka phelang ho yona. 30 Bahlabani ba Babilona ba kgaoditse ho lwana, ba haneletse ka diqhobosheaneng tsa bona! Sebete sa bona se se se fedile, ba se ba itshwanela le basadi feela. Diahelo tsa Babilona di tjhesitswe ka mollo, mekwallo ya dikgoro tsa yona e robilwe. 31 Baromuwa ba rongwa ba sa tswa rongwa, maqosa le wona a salana morao, ho isetsa kgosi ya Babilona ditaba: Motse wohle wa yona o so hapilwe! 32 Madiboho a dinoka a hapilwe, diqhobosheane di tuka malakabe, bahlabani bona ba kenwe ke tshabo!” 33 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Morwetsana Babilona, o tshwana le seotlo, ka nako eo ho polwang ka yona, nako ya hore a kotulwe e haufi.” 34 “Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o mmetsitse, tsohle tsa ka o ikgapetse tsona, a ntshiya ke ka nkgo e lephaka. O mmetsitse jwaloka kgodumodumo, a sasamatsa mpa ya hae ka dimonate tsa ka, a mpusulosa, a ba a nteleka. 35 Baahi ba Sione ba bue, ba re: ho hlokofatswa ha mmele ya rona, tsena di ke di wele Babilona hodimo!> Baahi ba Jerusalema bona ba re: ba otlelwe madi ao ba a tsholotseng.> ” 36 Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Bona, ke tla o buella ke be ke o phetetse, mehlodi ya metsi a Babilona ke tla e pshesa, didiba tsa yona di kgaotse ho kopotsa. 37 Babilona e tla ba qubu ya masupi, e fetohe lehae la diphokojwe; e tla fetoha sesomo, e nyedisehe, e be baka seo ho se nang baahi ho sona. 38 “Baahi ba Babilona ba puruma sa ditawana, ba rora sa madinyane a tauhadi. 39 Etlare ba sa halakehetse dijo, ke ba etsetse mokete wa semetletsa, ke ba nwese hore ba be ba tahwe, ba robale, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Morena. 40 “Ke tla ba kgannela tlhabong sa dikonyana, ke ba kganne sa diphooko le dipodi.” 41 “Motse wa Babilona ba o hapile! Motse oo fatshe lohle le neng le itlotla ka wona, o fetohile sesomo hara ditjhaba! 42 Lewatle le phuthumanehetse hodima Babilona, maqhubu a lona a befileng a e kwahetse. 43 Metse ya Babilona e ripitlilwe, naha e fetohile sekaka le lehwatata, naha e se nang baahi le batsamai. 44 Ke tla otla Bele, modingwana wa Babilona, tseo a di metsitseng ke mo hlatsise tsona. Tjhaba ha di sa tla hlola di mathela ho yena, marako a Babilona a tla heleha. 45 “Lona tjhaba sa ka, tswang motseng oo, motho ka mong a ke a ipholose, a balehe kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang. 46 Pelo tsa lona di se ke tsa nyahama, taba tsa bo-fuufu di se ke tsa le tshosa, taba tsa bofuufu tse tletseng hara naha. Jwalokaha dilemo di hlahlamana, tsa bofuufu le tsona di a hlahlamana; naha e ferekantswe ke moferefere, babusi le bona ba a suthisana. 47 Ka baka leo, nako e tla fihla, nako ya hore ke otle medingwana ya Babilona; naha yohle ya Babilona e tla ripitlwa, babolauwa ba yona ba rapalle kahohle ho yona. 48 Lehodimo le lefatshe le tsohle tse ho lona, di tla bina, di thabele ho hlolwa ha Babilona, hobane batupi ba tla e futuhela, ba e futuhele ba etswa Leboya,” ho rialo Morena. 49 “Ka baka la Baiseraele bao e ba bolaileng, Babilona le yona e tla hlolwa, jwaloka babolauwa ba lefatshe lohle, ba bolailweng ka baka la Babilona,” ho rialo Morena. 50 “Lona ba phonyohileng sabole, tsamayang, le se ke la dikadika! Hopolang Morena le le naheng e hole, le nahane le yona Jerusalema.” 51 “Re dihlong, hoba re utlwile tse re nyatsang, fahleho tsa rona di aparetswe ke maswabi; hoba baditjhaba ba kene dibakeng tse halalelang, ba kene ka Sehalalelong sa Tempele ya Morena.” 52 “Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla otla medingwana ya bona, hara naha yohle mahlatsipa a tla dumaela. 53 Leha Babilona e ka nyolohela lehodimong, ya sireletsa marako a qhobosheane tsa yona, ke tla e romela batupi ba e futuhele,” ho rialo Morena. 54 “Dillo tsa mahlomola di hlaha Babilona, ho utlwahala medumo ya koduwa e kgolo, koduwa e tswang naheng ya Bakalatiya. 55 Morena o timetsa Babilona, o fedisa lerata le leholo motseng; ba e futuhetseng ba hwasa sa metsi a lewatle, ho utlwahala mokgosi wa bona wa ntwa. 56 Batupi ba etseditse Babilona lelobelo, bahlabani ba yona ba ba thopile, diqha tsa bona tsohle di robehile, hobane Morena ke Modimo ya phetetsang, o tla ba lefeletsa ka ho tlala. 57 Baetapele ba yona le bahlalefi ke tla ba tahisa, ke tahise babusi le balaodi le bahlabani. Ba tla robala, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Kgosi, eo bitso la yona e leng Morena wa mabotho. 58 Morena wa mabotho o bua tjena: “Rako le leholo la Babilona le tla heletswa, kgoro tsa yona tse phahameng di tjheswe ka mollo; setjhaba sena se sebeleditse lelea, mesebetsi ya sona e fella malakabeng!” 59 Ona ke molaetsa oo Jeremia a neng a o nee molaodi Seraya, mora wa Neriya, setloholo sa Maasiya, ha a ne a eya Babilona, a ena le Sedekiya, kgosi ya Juda, ka selemo sa bone sa puso ya Sedekiya. 60 Dikoduwa tsohle tse tla hlahela Babilona, Jeremia o ne a di ngotse bukeng, tsohle tse neng di ngotswe malebana le Babilona. 61 Jeremia a re ho Seraya: “Ha o fihla Babilona, hlokomela hore mantswe wohle o a bale. 62 Jwale wena o re: 63 Ha o qeta ho bala buka ena, o e tlamelle lejweng, ebe o e betsetsa kahara noka ya Euferatese. 64 Jwale o re: Mantswe a Jeremia a fella mona.Sefela se rorisang Modimo
Tshukudu ya Morena
Kotlo ya Babilona
Morena o tla thusa Iseraele
Pheletso ya Babilona
Molaetsa ho Baiseraele ba Babilona
Babilona e tla timetswa hape
Jeremia o romela molaetsa Babilona