KODI-YA-MALLA 4

Mahlomola a Jerusalema

1 Kgauta e phatsimang

e fifetse hakaakang!

Kgauta e hlwekileng

e silafetse hakaakang!

Majwe a bohlokwa

a qhalane kahohle

hukung tsa diterata tsohle!

2 Bara ba Sione, mokgetho o kgabane,

bara bao bohlokwa ba bona

e ne e ka ba kgauta,

kajeno ba tshwana

le pitsa tsa letsopa,

ntho tse entsweng

ke matsoho a sebopi!

3 Phokojwe le tsona di ye di nyantshe,

di ye di nyantshe madinyane a tsona;

empa tjhaba sa heso

se sehloho haholo,

se tshwana le dimpshe tsa lehwatata!

4 Leme la lesea

le kgomarela mahalapeng,

le kgomarela teng

ka baka la lenyora;

ba banyenyane ba sikila bohobe,

empa ha ho ya ba neang

le sengwathwana.

5 Ba kileng ba phela

ka dimenyemenye,

ba bolawa ke tlala hara diterata;

ba neng ba apara tse mabokoboko,

kajeno ba paqame dithotobolong.

6 Kotlo ya tjhaba sa heso

e kgolo haholo,

ho feta le ya Sodoma,

e neng e timetswe

ka ho panya ha ntshi,

e sa timetswe ke letsoho la motho.

7 Mahosana a ne a phatsima

ho feta lehlwa,

bosweu ba wona

bo feta le ba lebese,

mmele e le mesehla

ho feta mabenyane,

bokgabane ba wona

e ka ba majwe a safire.

8 Empa kajeno botsho ba wona

bo feta ba mowa,

le diterateng

ha a sa tsejwa ke batho;

letlalo la wona

le manne hodima masapo,

le omeletse, le se le ka lehong.

9 Ho lehlohonolo

ba bolailweng ka sabole,

ba lehlohonolo

ho feta ba bolawang ke sekoboto,

ba fellang dikobong

ho fihlela ba eshwa,

ka baka la ho hloka

tse behwang ke naha.

10 Basadi ba nang le motlopotlo

wa ho tswala,

ka matsoho a bona

ba apeha bana ba bona;

ba ba apeha,

ya eba dijo tsa bona,

nakong ya ha tjhaba sa heso

se timetswa.

11 Morena o phethahaditse

tsa kgalefo ya hae,

bohale bo tlokomang ba hae

o bo hlatsitse.

O hoteditse mollo

motseng wa Sione,

wa tjhesa metheo

ya motse wa Sione.

12 Dikgosi tsa lefatshe

di ne di sa kgolwe,

le baahi bohle ba lefatshe

ba sa kgolwe,

hore kgoro tsa motse wa Jerusalema

di ka kenwa,

tsa kenwa ke sera,

tsa kenwa ke mofutuhi!

13 Di kenwe ka baka la dibe

tsa baporofeta ba wona,

ka baka la makgopo

a baprista ba wona,

ba tsholotseng madi a ba lokileng,

ba a tsholla

hara motse wa Jerusalema.

14 Ba nnile ba lelera

sa banna ba difofu,

ba lelera hara diterata tsa motse;

ba itshilafaditse ka madi haholo,

hoo ho seng ya ka amang

diaparo tsa bona.

15 “Suthang, le silafetse!”

ho rialo setjhaba,

“Suthang! Suthang!

Le se ke la re ama!”

Leha ba lelera hara baditjhaba,

ha ho na moo

ba fumaneng tjako teng!

16 Morena ka sebele o ba qhalantse,

ha a ka ke a hlola a sa ba tsotella.

Dira di roletse baprista hlompho,

baholo ba setjhaba ha di sa ba natsa.

17 Re tonne mahlo ra ba ra kgathala,

ra lebella thuso,

ra se ke ra e bona!

Re lebeletse

re le hodima ditora,

ra lebella

tjhaba se sitwa ho re pholosa!

18 Dira di disitse metsamao ya rona,

re sitwa le ho tsamaya

diterateng tsa rona.

Bofelo ba rona bo se bo atametse,

ditshiu tsa rona di se di badilwe,

bofelo ba rona bo se bo fihlile.

19 Baphaladisi ba rona

ba lebelo haholo,

ba lebelo le ho feta dintsu di fofa;

ba re phaladisitse hodima dithaba,

ba re lalla hara lehwatata.

20 Motlotsuwa wa Morena,

eo re phelang ka yena,

o ila wela mameneng a bona;

yena eo re neng re bua ka yena,

re re: “Tlasa moriti wa hae

re tla phela hara baditjhaba!”

21 Thabang, le nyakalle,

lona baahi ba Edomo,

lona ba ahileng naheng ya Use,

le lona nyakallang!

Senwelo sena

se tla fetisetswa ho lona,

le tahwe, le tsole,

le sale le le feela!

22 Wena Sione,

kotlo ya hao e tla fela,

ha o ka ke wa hlola

o iswa bothopuweng.

Empa wena Edomo,

o tla otlelwa bokgopo ba hao,

dibe tsa hao Morena a di senole.