KODI-YA-MALLA 5

Thapelo e kopang mohau

1 Morena, ako hopole

tse re wetseng hodimo!

Ako tadime,

o bone sekgobo sa rona!

2 Naha ya rona

e hapilwe ke baditjhaba,

melata e ikabile ka malapa a rona.

3 Re dikgutsanyana,

bo-ntata rona ba shwele,

bo-mma rona

ba fetohile bahlolohadi.

4 Re nwa metsi a rekwang ka tjhelete,

patsi re e fumana ka ho e reka!

5 Baphaladisi ba rona

ba re hateletse melala,

re sebetsa ka thata,

phomolo ha re e fumane.

6 Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria,

re tle re tsebe ho fumana bohobe.

7 Bo-ntata rona ba entse dibe,

mme ba shwele,

rona re ahlolelwa makgopo a bona.

8 Makgoba a fetohile babusi ba rona,

ha ho ya re namolelang

matsohong a wona.

9 Re fumana dijo

re okametswe ke lefu,

ka baka la sabole e lehwatateng.

10 Letlalo la rona

le ntshofetse sa sebopi,

ka baka la ho phela hara sekoboto.

11 Ba ile ba beta basadi ba Sione,

ba beta le barwetsana

ba metse ya Juda.

12 Mahosana a ile a tshwarwa,

a fanyehwa,

baholo ba setjhaba

ba rolelwa hlompho.

13 Bahlankana ba sebetsa ka thata,

ba a sila,

bashanyana ba sudubana

tlasa mangata a patsi.

14 Maqheku ha a sa dula

kgorong ya motse,

batjha ba kgaoditse

ho letsa makodilo.

15 Thabo ya pelo tsa rona e fedile,

metjeko ya rona e fetohile bofifi.

16 Meqhaka e wele hloohong tsa rona,

re madimabe, hobane re sitilwe.

17 Ka baka la tsena

pelo tsa rona di nyahame,

ka baka la tsena

mahlo a rona a fifetse.

18 Kahobane thaba ya Sione

e le feela,

phokojwe di nyanyaka

hara masupi a yona.

19 Wena Morena,

o busa kamehla yohle,

terone ya hao

e hlomamiseditswe meloko yohle.

20 Ke ka baka lang

o re lebalang kamehla?

Ke ka baka lang

o re furallang halelele?

21 Re kgutlisetse ho wena Morena,

re tla kgutla,

ntjhafatsa tshiu tsa rona

di be jwaloka pele.

22 Kapa ebe o so re lahletse ruri?

Kgalefo ya hao ha e sa na moedi?