Motho ya etsang sebe o tla shwa
1 Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:
2 “Lona batho, le bolelang ka maele aa, ha le bua ka naha ya Iseraele, le re:
“ jwale meno a bana a a thella>? 3 “Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, le ke ke la hlola le sebedisa maele ana naheng ya Iseraele. 4 Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa! 5 “Empa ha motho a lokile, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng; 6 a sa jele bakeng tsa borapedi, bakeng tse dithabeng, a eso rapele medingwana ya Iseraele; a eso silafatse mosadi wa monna e mong, kapa a robala le mosadi ya nang le lehatlelo; 7 motho ya eso ka a hatella motho, ya buseleditseng moadimi, a mmuseletsa peeletso ya hae, ya eso tlatlape motho, a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng, a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa; 8 ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya hanang ho etsa bokgopo, ya ahlolelang batho a se na leeme; 9 ya mamelang ditaelo tsa ka, melao ya ka a e boloka ka botshepehi; ya jwalo o lokile, ke yena ya tla phela, ho rialo Morena Modimo. 10 “Empa ha motho eo a ena le mora wa senokwane, ya tshollang madi, mme a etsa e nngwe ya tsena, 11 le hoja ntatae yena a eso ka a di etsa: “A jela bakeng tsa borapedi, bakeng tse dithabeng, a silafatsa mosadi wa monna e mong; 12 a hatella mafutsana le bahloki, a tlatlapa motho ka mahahapa, a sa buseletse moadimi a mmuseletsa peeletso ya hae, a rapela medingwana ya bohata, a etsa dintho tse manyala; 13 a adimana hore a fumane phaello, a bile a inkela tswala e ngata. “Na ya tjee o tla phela? Tjhe, ha a ka ke a ba a phela! Kaha o entse dintho tsena tsohle tse manyala o tla fela a shwe, mme ebe ke yena ya ipolaileng. 14 “Empa ha monna enwa a ena le mora ya bonang dibe tsohle tseo ntatae a di etsang, mme leha a di bona yena a sa di etse: 15 “A sa jele bakeng tsa borapedi, bakeng tse dithabeng, a eso rapele medingwana ya Iseraele, a eso silafatse mosadi wa monna e mong; 16 a eso ka a hatella motho, a eso batle peeletso ho maodimi, a eso tlatlape motho a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa; 17 ya hanang ho etsa bokgopo, ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya jwalo o mamela ditaelo tsa ka, le melao ya ka o a e boloka. “A ke ke a shwa ka baka la bokgopo ba ntatae; ruri o tla phela. 18 Ha e le ntatae yena o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, hobane o hateletse ngwanabo, a mo tlatlapa ka mahahapa, a ba a etsa tse mpe hara setjhaba sa habo. 19 “Empa lona le a botsa, le re: 20 Motho ya etsang sebe ke yena ya tla shwa. Mora a ke ke a jariswa bokgopo ba ntatae, le ntatae a ke ke a jariswa bokgopo ba mora wa hae. Ho loka ha ya lokileng e tla ba ha hae, bokgopo ba ya kgopo le bona e be ba hae. 21 “Empa ha ya kgopo a furalla dibe tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a boloka melao ya ka yohle, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ruri o tla phela, a ke ke a shwa. 22 Ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, a ke ke a hlola a sa di hopotswa. O tla phela ka baka la diketso tsa hae tse lokileng. 23 Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo. 24 “Empa ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, a etsa dintho tse manyala, tse etsweng ke motho ya kgopo, na motho eo o tla phela? Dintho tsohle tse lokileng tseo a di entseng ha di sa tla bolelwa. O tla shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a sitilweng ka tsona, le ka baka la dibe tsa hae, tseo a di entseng. 25 “Feela lona le re: 26 Ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, o tla shwela ho bona; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng. 27 Empa ha motho ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, boo a bo entseng, mme a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, a ke ke a shwa. 28 Kaha a lemoha ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a di furalla, ruri o tla phela, a ke ke a shwa. 29 Feela ba ntlo ya Iseraele ba re: 30 “Ka baka leo, lona ba ntlo ya Iseraele, ke tla ahlola motho ka mong ho ya ka ditsela tsa hae, ho rialo Morena Modimo. Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa. 31 Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele? 32 Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.”