Motho o nyedisa thato ya Modimo
1 Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano selemong sa bosupa, ba bang ba baholo ba Iseraele ba tla botsa Morena, mme ba dula fatshe kapele ho nna.
2 Yaba lentswe la Morena le fihla ho nna, le re:
3 “Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona:
4 “Na o tla ba ahlola, wena ngwana motho? Na o tla ba ahlola? Ba bolelle manyala ao bo-ntata bona ba a entseng,
5 o re ho bona: 6 Mohlang oo ke ne ke di hlapanyetse hore ke tla di ntsha naheng ya Egepeta, ke di ise naheng eo ke di kgethetseng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle. 7 Yaba ke re ho ditloholo tseo: “Motho ka mong a furalle manyala a hohelang mahlo a hae, mme le se ke la itshilafatsa ka medingwana ya bohata ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.” 8 “ 9 Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tseo ba neng ba phela hara tsona, ka iponahatsa ho Baiseraele ka ho ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba tseo di ntseng di bona. 10 “ 11 Ke ile ka ba nea ditaelo tsa ka, ka ba ruta melao eo ereng ha motho a e boloka a phele. 12 Ka ba nea le Disabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke nna Morena ya ba halaletsang. 13 “ 14 Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a baditjhaba ba boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta. 15 Empa hona moo lehwatateng ka ba hlapanyetsa, ka re ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle. 16 Ke kahobane ba nyedisitse melao ya ka, ha ba a ka ba boloka ditaelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme dipelo tsa bona di hapilwe ke medingwana ya bohata. 17 “ 18 Empa ke ile ka re ho bana ba bona ha ba le lehwatateng: “Le se ke la tsamaya ka ditaelo tsa bontata lona, kapa la mamela melao ya bona, kapa la itshilafatsa ka medingwana ya bohata. 19 Ke nna Morena Modimo wa lona; tsamayang ka ditaelo tsa ka, le hlokomele ho mamela melao ya ka. 20 Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.” 21 “ 22 Empa ka baka la ho boulela lebitso la ka hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tse boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka ba isa letsoho. 23 Ke ile ka ba hlapanyetsa ha ba le lehwatateng, hore ke tla ba qhalanya hara baditjhaba, ke ba hasanye hara dinaha, 24 hobane ha ba a ka ba phetha melao ya ka, ba nyedisitse ditaelo tsa ka, ba silafatsa Disabatha tsa ka, ba sebeletsa medingwana ya bo-ntata bona ya bohata. 25 “ 26 Ka ba tlohela ba itshilafatsa ka dimpho tsa bona, ba etsa sehlabelo sa setjheso ka matsibolo a bona, e le hore ba tle ba tshabe, mme ba tsebe hore ke nna Morena.> 27 “Ka baka lena, wena ngwana motho, bolella setjhaba sa Iseraele, o re ho sona: 28 Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino. 29 Yaba ke re ho bona: Dibaka tseo tsa borapedi, tseo le yang ho tsona, ke eng?> ” Le kajeno-ya-bokajeno dibaka tseo di bitswa Dibaka tsa Borapedi. 30 “Ka baka lena, ere ho ba ntlo ya Iseraele: 31 Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa. 32 “ 33 “ 34 Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona ka letsoho la ka le matla, le otlolohileng, ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima lona. 35 Ke tla le tlisa Lehwatateng la Ditjhaba, mme hona teng ke le ahlole fahleho di tadimane. 36 Jwalokaha ke ile ka ahlola bo-ntata lona lehwatateng la naha ya Egepeta, le lona ke tla le ahlola, ho rialo Morena Modimo. 37 “ 38 Ba mphetohelang, ba mphurallang, ke tla ba tlosa hara lona. Le hoja ke tla ba ntsha naheng eo ba phelang ho yona, ba ke ke ba hlola ba kena naheng ya Iseraele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena. 39 “ 40 Bohle ba ntlo ya Iseraele ba tla ntshebeletsa hodima thaba ya ka e halalelang, e leng thaba e phahameng ya Iseraele, mme ke tla ba amohella teng, ho rialo Morena Modimo. Hona moo ke tla batla dinyehelo tsa lona tsa dilopotsiya tsa lona, hammoho le dimpho tsohle tsa lona, tse halalelang. 41 Ha ke se ke le ntshitse hara baditjhaba, ke le phuthile dinaheng tsohle tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona, ke tla le amohela le le mokubetso o monko o monate, mme ka lona ke bonahatse kgalalelo ya ka ho ditjhaba. 42 Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le fihlisa naheng ya Iseraele, naha eo ke hlapantseng ka re ke tla e nea bo-ntata lona. 43 Hona moo le tla hopola boitshwaro ba lona le diketso tsa lona tsohle, tseo le ileng la itshilafatsa ka tsona, mme le tla inyonya ka baka la bobe bohle boo le bo entseng. 44 Lona ba ntlo ya Iseraele, le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le etsetsa tsena ka baka la ho boulela lebitso la ka, e seng ho ya ka tsela tsa lona tse kgopo, kapa ka diketso tsa lona tse mpe, ho rialo Morena Modimo.> ” 45 Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 46 “Wena ngwana motho, tadima borwa, o rute, o hanyetse naha e ka borwa, o porofetele moru wa naha e ka borwa. 47 Ere ho moru o ka borwa: 48 Batho bohle ba tla bona hore ke nna Morena ya o hoteditseng; ha o ka ke wa tingwa.> ” 49 Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ba ntse ba bua ka nna, ba re: Modimo o a otla, o a tshwarela
Mollo wa borwa