Pitsa e mafoome
1 Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome selemong sa borobong, lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
2 “Wena ngwana motho, ngola letsatsi lena, le yona nako ena, hobane ka lona letsatsi lena, kgosi ya Babilona e tla etsetsa Jerusalema thibella.
3 Bolella ba ntlo ena ya bafetohedi papiso ena, o re ho bona: “ e bee ifo, o e tlhadihele. 4 Pheha nama ka yona, o phehe nama e nonneng, nama ya serope le ya sephaka, o phehe le mashwetla a yona; 5 tsena e be tsa nku e kgethehileng, e kgethehileng kahara mohlape. Beseletsa pitsa ena e bele, nama e be e tswe masapong. 6 “ “ motse o tshollang madi, o kang pitsa e tletseng mafoome, pitsa e sa ke be e falwe! Tshola maqa a ka pitseng, o a tshole ka bonngwe, o a tshole o sa a laole ka lotho. 7 “ a tshollelwa hodima lefika, a se ke a tshollelwa fatshe, fatshe moo a neng a ka monyela. 8 Ho tsosa kgalefo le boiphetetso ba ka, ke ile ka a tlohela hodima lefika, moo a neng a ke ke a pateha. 9 “ “ motse o tshollang madi, ke tla o rwallela hlaba ya patsi! 10 Bokella patsi o e hotetse, pheha nama o e butswise, o tjhese moro, le masapo a tjheswe. 11 Bea pitsa e feela hodima mashala, e be e tjhese, those la yona le tlerefale, ditshila tsa yona di qhibidihe kahare, mafoome a yona a tjheswe ke mollo. 12 Matsapa wohle a lekilwe, a hlotswe, e kganathetse mafoome, a hana ho tloha, ke mollo feela o ka tsebang ho a tlosa. 13 “ 14 “ 15 Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 16 “Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi. 17 O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.” 18 Kahoo ka bua le setjhaba hoseng, mantsiboya mosadi wa ka a hlokahala. Ka la hosasane ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng. 19 Yaba setjhaba se a mpotsa, se re: “Na o ka re hlalosetsa hore na dintho tsee tseo o di etsang di re supisa eng?” 20 Ka se araba, ka re: “Lentswe la Morena le ile la fihla ho nna, la re: 21 22 Le tla etsa kamoo ke entseng kateng. Le se ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja dijo tse etseditsweng ba bofifing. 23 Le rwale meqhaka ya lona dihloohong, le meqathatso ya lona maotong. Le ke ke la lla leha e le ho bokolla, empa le tla motela ka baka la dibe tsa lona, mme le llelane. 24 Esekiele e tla ba sesupo ho lona; le tla etsa jwalokaha a entse. Etlare ha tsena di phethahala le tsebe hore ke nna Morena Modimo.> 25 “Jwale he, wena ngwana motho, ke tla tlosa hara bona qhobosheane eo ba ikgantshang ka yona, eo ba e ratang haholo, eo ba itlotlang ka yona, eo ba e labalabelang; ke tlose le bara le baradi ba bona. 26 Hona mohlang oo ya tla phonyoha o tla fihla a o behele ditaba, 27 leleme la hao le rarolohe, o tsebe ho bua le ya phonyohileng, o se hlole o eba semumu. O tla ba sesupo ho bona, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”Lefu la mosadi wa moporofeta Esekiele