ESEKIELE 27

1 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2 “Wena ngwana motho, binela Tire kodi-ya-malla.

3 Bolella Tire, o re:

“Botle ba ka bo hloka sekodi!”

4 Meedi ya hao e hara mawatle,

bahahi ba hao ba ritile botle ba hao.

5 Kgopo tsa hao

ba di haha sa sekepe se setle,

ba di haha ka phaena e tswang Senire;

ba nka dikedare tse tswang Lebanone,

ba o etsetsa thupa

tsa ho thakgolla diseile.

6 Ka fate tsa eike tse tswang Bashane

ba etsa masokwana,

ba a etsetsa wena;

ka fate tsa kipere tse tswang Kitime

ba etsa sethala,

ba se etsetsa wena,

ba o kgabisa ka manaka a tlou.

7 Diseile tsa hao ba di entse ka lene,

lene e homilweng, e tswang Egepeta,

e bile ke yona mokgele wa hao;

masira a hao a maputswa, a perese,

ke a tswang mabopong a Elisha.

8 Basoki ba hao

ba tswa Sidone le Arefade,

basesisi ba hao ba bohlale

ke ba Tire.

9 Ditsebi tsa mesebetsi

tse tswang Gebale,

di ne di le teng

ho thiba matlere a hao.

Dikepe tsohle le basesisi ba tsona

di ne di etla ho tla hweba le wena.

10 “

le banna ba Lode le Pute,

e ne le bahlabani ba mabotho a hao;

dithebe le katiba tsa bona tsa tshepe

ba di fanyeha maboteng a hao,

ba di fanyeha, ba o tlotla ka tsona.

11 Banna ba Arefade

le banna ba Heleke

ba sireletsa marako a hao kahohle;

banna ba Gamade

ba lebela ditora tsa hao,

ba fanyeha dithebe tsa bona

ho pota mabota,

botle ba hao

bo phethahatswa ke bona.

12 “

13 “

14 “

15 “

16 “

17 “

18 “

19 “

20 “

21 “

22 “

23 “

24 Batho bana ke bona ba neng ba hweba le wena ka dintho tse ntlentle: ka masela a maputswa le a homilweng, le ka diaparo tse ntle, tse mebalabala, tse nang le difoofo.

25 “

kepe tsa kgwebo,

thepa ya hao ya kgwebo

e ne thothwa;

wa ba jwaloka sekepe bodibeng,

o tletse meqeqeko ya tsa kgwebo.

26 Basoki ba hao ba o isa mawatleng,

ba o isa mawatleng a sabaletseng:

Empa moya wa botjhabela

o tla o thua,

o o etse ditsekana hara bodiba!

27 Matlotlo a hao le thepa ya kgwebo,

bo-radikepe le basesisi ba hao,

malala a hao

a thibang dikepe matlere,

bahwebi ba hao bohle le bahlabani,

le batho bohle ba kahare ho wena,

ba tla teba bodibeng ba lewatle,

mohla koduwa ya ho thueha ha hao.

28 Naha tse bopong la lewatle

di tla reketla,

di reketle ha basesisi ba hao ba howa!

29 Basoki bohle

ba tla tlohela dikepe tsa bona,

bo-radikepe

le basebetsi bohle ba tsona,

ba tla di theoha,

ba eme hodima lebopo.

30 Ba tla howeletsa haholo ba tlerohe,

ba lle habohloko, ba o llele,

ba itshele ka lerole hodima dihlooho,

ba ipitike le hodima molora.

31 Dihlooho tsa bona ba tla di beola,

ba di beole, ba di beolele wena,

ba apere aparo tse mahwashe.

Ba tla o llela ka pelo tse bohloko,

bofifi ba bona e be ba mahlomola.

32 Dillong tseo tsa bona tsa bofifi,

ba tla o binela kodi-ya-malla,

ba re: “Ke motse ofe

o kila timetswa sa Tire,

wa timeletswa bodibeng ba lewatle?”

33 Ha thepa ya hao

e ne e tshela mawatle,

o no fepa matjhabatjhaba,

o a kgorisa;

ka bongatangata ba matlotlo a hao,

ka bongatangata

ba thepa ya hao ya kgwebo,

kgosi tsa lefatshe o ila di ruisa.

34 Jwale o thuehetse hara mawatle,

wa teba hara bodiba ba metsi;

thepa yohle ya hao ya kgwebo,

le bohle ba neng ba le ho wena,

tsena tsohle di tebile mmoho le wena.

35 Batho bohle

ba ahileng mabopong a lewatle,

pheletso ena ya hao e ba tshositse;

dikgosi tsa bona di tetemisa dirope,

fahleho tsa tsona

di tsunkantswe ke letswalo.

36 Bahwebi ba matjhaba

ba o nyekoletsa melomo;

pheletso ya hao ruri e a tshabeha,

ha o sa tla ba teng kamehla yohle!> ”