ESEKIELE 31

Egepeta e tshwantshwa le sefate sa kedare

1 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya boraro selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2 “Wena ngwana motho, ere ho Faro, kgosi ya Egepeta, le ho setjhaba sa hae:

bo ka tshwantshwa le ba mang?

3 Bona Asiria eo

e ne e le kedare ya Lebanone,

e makala a matle, a thathaletseng;

e ne e phahame haholo,

e fihla marung,

e tswile ka mahetla

hara mahlaku a teteaneng.

4 E ne e nwesetswa ke metsi a mangata,

didiba tse ka fatshe

tsa e hodisa haholo,

metsi a tsona a phalla

ho pota kutu ya yona,

makalana a tsona

a nwesetsa difate tsohle.

5 Ka hona ya phahama

ho feta fate tsohle tsa moru,

mahlaku a yona a teteana haholo,

makala a yona le wona a lelefala,

a thathalla ka baka la metsi bongata.

6 Nonyana tsohle

tsa hahela makaleng a yona,

batana tsohle

tsa tswalla tlasa makala a yona,

tjhaba tsohle tse kgolo

tsa dula moriting wa yona.

7 Boholo ba yona

bo ne bo kgahleha haholo,

le makala a yona a le malelelehadi,

hoba motso wa yona

o ne o le metsing a mangata.

8 Kedare tsa rapa sa Modimo

di ne di sa e fete,

le fate tsa hoki

di sa ke makala a yona,

le difate feela di sa ke makala a yona;

botle ba difate tsa rapa sa Modimo

bo ne bo ke ke ba ka botle ba yona.

9 Ke ile ka e kgabisa

ka makala a mangata,

lefufa la ba la qeta

fate tsohle tsa Edene,

fate tse neng di metse

rapeng sa Modimo.

10 “

11 ke ile ka e leleka, ka neelana ka yona matsohong a eo e leng senatla hara baditjhaba; yena o tla etsa seo a se ratang ka kedare eo ho ya ka bokgopo ba yona.

12 Baditjhaba ba sehloho ho feta ba bang ba tla e rema, ba e tlohele hona moo. Mahlaku a yona a tla wela hodima dithaba le ka dikgohlong, makala a yona a robehele ka dinokeng tsohle tsa naha eo. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tloha moriting wa yona, di ikele.

13 Dinonyana tsohle tse fofang di tla sala sefateng seo se robehileng, dibatana tsohle tsa naha di sale hara makala a sona.

14 Ka baka leo, ha ho sa tla ba le sefate sefe kapa sefe se metseng pela metsi se tla iphahamisa haholo, kapa se tla tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng. Ha ho sefate se nwesetswang hantle se tla ke se be selelele hakaalo, hobane tsohle di a bolawa, di theolelwa ka mpeng ya lefatshe, hara batho ba theohetseng mohohlong.

15 “

16 Ka etsa hore ditjhaba di thothomele ha di utlwa modumo wa ho wa ha kedare eo, ha ke e lahlela ka lebitleng mmoho le ba theohelang mohohlong. Jwale difate tshole tsa Edene, le tse ntlentle, tse kgahlehang tsa Lebanone, tsohle tse nwesetswang, tse ka mohohlong, di tla thabela ho wa ha kedare eo.

17 Baditjhaba bohle ba neng ba dula moriting wa sefate sena, ba thusana le sona, le bona ba ile lebitleng le sona, ho ba neng ba bolawe ka sabole.

18 “