Modimo o ahlola Seire
1 Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:
2 “Wena ngwana motho, tadima Thaba ya Seire, o e porofetele.
3 Ere ho yona: “ wena Thaba ya Seire, ke tla otlolla tsoho la ka, ke le otlollele hodima hao, ke o fetole nanaola le lefella. 4 Metse ya hao ke tla e ripitla, wena ke o fetole, o be nanaola; kahoo a tla tseba hore ke nna Morena. 5 “ 6 Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o bolaya, ke tsholle madi a hao. Erekaha ha o a ka wa hloya tshollo ya madi, ke tla tsholla madi a hao. 7 Ke tla fetola Thaba ya Seire letswatlare, ke bolaye bohle ba tsamayang ho yona. 8 Wena Seire, dithaba tsa hao ke tla di kwahela ka ditopo; ba bolailweng ka sabole ba tla tlala maralleng, le dikgohlong, le dinokeng tsohle tsa hao. 9 Ke tla o fetola letswatlare ho isa kgale, metse ya hao e fetohe dithako. Kahoo o tla tseba hore ke nna Morena. 10 “ 11 Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o otlela kgalefo eo o neng o ba halefetse ka yona, le mohono oo o neng o ba honohela ka wona, le lehloyo leo o neng a ba hloile ka lona. Ha ke se ke o ahlotse ke tla itsebisa bona. 12 Le wena o tla tseba hore nna Morena, ke utlwile dinyefelo tsohle tseo o ileng wa nyefola dithaba tsa Iseraele ka tsona, wa re: “Di fetohile matswatlare; re di neilwe hore re di lobele.” 13 Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa.> ” 14 Morena Modimo o bua tjena: “Ke tla o fetola letswatlare hoo lefatshe lohle le tla nyakalla. 15 Kaha o ile wa thabela ho bona ntlo ya Iseraele, eo e leng lefa la ka, e ripitlwa, le wena ke tla o etsa jwalo, wena Thaba ya Seire. O tla fetoha letswatlare, le Edomo yohle e be jwalo. Ka hona ba tla tseba hore ke nna Morena.”