ESEKIELE 39

Gogo o a bolawa

1 “Wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re:

2 Ke tla o kgutlisa, ke o hulanye, ke o nyolle hole leboya, o yo futuhela dithaba tsa Iseraele.

3 Ke tla phaila seqha se letsohong la hao le letshehadi, se we, ke dihe metsu e letsohong la hao le letona.

4 Wena Gogo le mabotho a hao, le ditjhaba tse emeng le wena, le tla bolaelwa hodima dithaba tsa Iseraele, ditopo tsa lona di jewe ke dinonyana tse jang dififi, le ke dibatana tsa naha.

5 Le tla bolaelwa hara naha, hobane ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo.

6 Ke tla romella mollo naheng ya Magogo le ho bohle ba ahileng mabopong a lewatle, ba phelang ka kgotso, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.

7 “

8 Bonang letsatsi le a tla! Le tla fela le tle! ho rialo Morena Modimo. Ke lona letsatsi leo ke buileng ka lona.

9 “

10 Kahoo ba ke ke ba hlola ba rwalla patsi naheng, kapa ba rema difate merung, hobane ba tla besa mollo ka dibetsa tsa bona. Ba tla tlatlapa ba ileng ba ba tlatlapa, ba hape tsa ba ileng ba hapa tsa bona, ho rialo Morena Modimo.

Gogo o a epelwa

11 “

12 “

13 Batho bohle ba naha eo ba tla thusa ho ba epela, mme hona e be tlotla ho bona, letsatsing leo ke tlang ho tlotliswa ka lona, ho rialo Morena Modimo.

14 “

15 Ha ba ntse ba tsamaya hara naha jwalo, mme e mong a bona lesapo la motho, o tla hloma mokolokotwane hona moo, ho fihlela ba tjhekang mabitla ba le epela ka kgohlong ya Hamone-Gogo.

16 Lebitso la motse le lona e tla ba Hamone. Ba tla hlwekisa naha jwalo.>

17 “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Bitsa dinonyana ka mefuta ya tsona, le dibatana tsohle tsa naha, o re:

18 Le tla ja nama ya bahale, le nwe madi a mahosana a lefatshe, jwalokaha eka ke a dipheleu, le a dikonyana, le a dipodi, le a dipohwana tseo kaofela ha tsona e leng tse nontshitsweng tsa Bashane.

19 Sehlabelong seo ke le etseditseng sona le tla ja mafura ho fihlela a le tena, le nwe le madi ho fihlela a le taha.

20 Tafoleng ya ka le tla ja, le kgore nama ya dipere le ya bapalami ba tsona, le ya bahale le ya bahlabani ka mefuta ya bona, ho rialo Morena Modimo.>

Baiseraele ba kgutliswa bothopuweng

21 “Ke tla bonahatsa tlotla ya ka hara baditjhaba, mme baditjhaba bohle ba tla bona dikahlolo tsa ka, ba bone le letsoho leo ke ba otlileng ka lona.

22 Ka mokgwa o jwalo, ho tloha mohla tsatsi leo, ba ntlo ya Iseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona.

23 Baditjhaba ba tla tseba hore ba ntlo ya Iseraele ba ile ba iswa bothopuweng ka baka la bokgopo ba bona, hobane ba ile ba ntshitelwa. Ka baka leo, ke ile ka ba patela sefahleho sa ka, ka neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, mme bohle ba ile ba bolawa ka sabole.

24 Ke ile ka ba otla ho ya ka ditshila tsa bona le ditlolo tsa bona, mme ka ba patela sefahleho sa ka.

25 “Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Jwale ke tla kgutlisa ba ntlo ya Jakobo bothopuweng, ke hauhele bohle ba ntlo ya Iseraele, mme ke boulele lebitso la ka le halalelang.

26 Ha ba se ba phela ka kgotso naheng ya bona, ho se ya ba tshosang, ba tla lebala dihlong tsa bona, le ditshito tsohle tseo ba ileng ba ntshitelwa ka tsona.

27 Ha ke se ke ba kgutlisitse ditjhabeng, ke ba ntshitse dinaheng tsa dira tsa bona, ke tla ikgalaletsa ka bona moo ditjhaba tse ngata di ntseng di bona.

28 Ke moo ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona, ya ileng a ba isa bothopuweng, hara baditjhaba, a ba a ba kgutlisetsa naheng ya habo bona, ho se le ya mong ya setseng moo.

29 Nke ke ka hlola ke ba patela sefahleho sa ka, hobane ke theoletse Moya wa ka hodima ba ntlo ya Iseraele, ho rialo Morena Modimo.”