Ho sebediswa ha kgoro e ka botjhabela
1 Yaba monna eo o nkgutlisetsa kgorong e kantle ho Sehalalelo, e shebileng botjhabela. Kgoro eo e ne e kwetswe.
2 Morena a re ho nna: “Kgoro ena e tla dula e kwetswe; e ke ke ya ba ya bulwa, mme ha ho motho ya tla kena ka yona. E tla dula e kwetswe, hobane Morena Modimo wa Iseraele o kena ka yona.
3 Ke kgosana feela e tla dula kahare ho yona, e jele dijo tsa yona pontsheng ya Morena. E tla kena ka tsela ya lethule la kgoro, e be e tswe ka yona.”
Melao ya ho amohelwa ka Tempeleng
4 Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.
5 Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo.
6 “Bolella bafetohedi, e leng ba ntlo ya Iseraele, o re: 7 Ka Sehalalelong sa ka le kentse baditjhaba ba sa bollang dipelong le nameng; le silafaditse Tempele ya ka ha le nnyehella ka dijo, ka mafura le ka madi, mme le sentse selekane sa ka ka baka la manyala a lona wohle. 8 Bakeng sa hore lona le hlokomele dintho tsa ka tse halalelang, le kgethile basele ho sebeletsa ka Sehalalelong sa ka. 9 “ 10 “ 11 Empa ba tla nne ba sebeletse ka Sehalalelong sa ka, ba hlokomele dikgoro tsa Tempele, mme ba sebeletse ka ho yona. Ba tla hlaba diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a etsetswang setjhaba, mme ba eme kapele ho sona ba se sebeletse. 12 Kaha ba ile ba sebeletsa setjhaba kapele ho medingwana ya sona ya bohata, mme ba dihela ba ntlo ya Iseraele bokgopong, kahoo ke hlapantse hore ke tla ba otlela bokgopo boo ba bona, ho rialo Morena Modimo. 13 Ba ke ke ba atamela pela ka ho tla ntshebeletsa e le baprista, kapa ba atamela pela e nngwe feela ya dintho tsa ka tse halalelang, kapa tse halalelang ka ho fetisisa; ba tla jara dihlong tsa bona le manyala a bona ao ba a entseng. 14 Empa ke tla ba etsa basebeletsi ba Tempele, ba etse mesebetsi yohle ya yona, ba etse le tsohle tse lokelang ho etswa ka ho yona. 15 “ 16 Bona ba tla kena ka Sehalalelong sa ka, ba atamele pela tafole ya ka ho ntshebeletsa le ho phetha tshebeletso ya ka. 17 “ 18 Ba tla rwala dituku tsa lene dihloohong tsa bona, ba tene le marikgwe a lene. Ba ke ke ba apara eng kapa eng e ka ba fufuletsang. 19 Ha ba tswela lebaleng le kantle, moo setjhaba se leng hona teng, ba tla hlobola diaparo tseo ba neng ba di apere ha ba sebeletsa, ba di siye ka dikamoreng tse halalelang, ba apare disele, e le hore ba se ke ba tlisetsa setjhaba bomadimabe ha se ka ama diaparo tseo tsa bona. 20 “ 21 Ho se be moprista ya tla nwa veine ha a kena ka lebaleng le kahare. 22 Ba se ke ba nyala bahlolohadi kapa basadi ba hladilweng, empa ba nyale barwetsana bao e leng ditloholo tsa bana ba Iseraele, kapa bahlolohadi ba baprista. 23 “ 24 “ 25 “ 26 Hoba a hlwekiswe, o tla ballwa matsatsi a supileng, 27 mme mohla a kenang ka lebaleng le kahare la Sehalalelo ho ya sebeletsa, o tla iketsetsa nyehelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo. 28 “ 29 Ba tla ja nyehelo ya dijo, le mahlabelo, le nyehelo ya sebe, le nyehelo ya tefelo ya sebe, mme dintho tsohle tse kgethetsweng Morena naheng ya Iseraele, e tla ba tsa bona. 30 Dilopotsiya tsohle le dinyehelo tsohle, le mefuta yohle ya dinyehelo, e tla ba tsa baprista. Le tla ba nea hlama ya lona ya pele, malapa a lona a tle a hlohonolofatswe. 31 Baprista ba se ke ba eja letho le itjhweletseng ka bolona, kapa le harotsweng ke dibatana, ebang ke nonyana kapa phoofolo.Balevi ba thibetswe ho ba baprista
Baprista