ESEKIELE 45

Naha e abelwang Morena

1 “

2 Mahlakore a setsha sa Sehalalelo a tla lekana, lehlakore ka leng e be dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano; bophara ba sebaka se potapotileng setsha sena e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

3 Kahare ho sebaka se halalelang o tla siya karolo e bolelele ba dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, e bophara ba dimethara tse hlano. Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa se be karolong ena.

4 Karolo ena e halalelang ya naha e tla abelwa baprista, e leng basebeletsi ba Sehalalelo, ba atamelang kapele ho Morena ho mo sebeletsa. E tla ba setsha sa matlo a bona le setsha se halalelang sa Tempele.

5 Karolo e nngwe e bolelele ba dikilomethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bophara ba dikilomethara tse hlano, e tla ba ya Balevi ba sebeletsang ka Tempeleng. Ke ya bona, ke moo ba tla haha metse ya bona teng.

6 “

Naha e abelwang kgosana

7 “

8 Lena e tla ba lefa la kgosana naheng ya Iseraele. Dikgosana tsa ka di ke ke tsa hlola di hatella setjhaba sa ka, mme naha e setseng di tla e arolela ba ntlo ya Iseraele ho ya ka merabe ya bona.

Melao e busang kgosana

9 “

10 “

11 Seroto le moritshwana di lekane, e nngwe le e nngwe ya tsona e kene haleshome morifing oo ho lekanngwang ka wona.

12 “

13 “

14 Nyehelo ya ole e be lefiswana ho a lekgolo.

15 Mohlapeng wa dinku tse makgolo a mabedi, o tswang makgulong a nonneng a naha ya Iseraele, le tla nyehela ka konyana e le nngwe. Ka tsena tsohle le tla etsa nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso, nyehelo ya teboho, le nyehelo ya tefelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.

16 “

17 Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe.> ”

Dinyehelo tsa Mekete e Halalelang

18 “

19 Moprista o tla nka madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang sebe, mme ka wona a tlotse dikosene tsa menyako ya Tempele, le manakana a mane a mohaolwana wa aletare, le dikosene tsa kgoro ya lebala le kahare.

20 Ka letsatsi la bosupa la kgwedi, o tla etsa jwalo bakeng sa e mong le e mong ya entseng sebe ka baka la bofokodi kapa ka baka la ho se tsebe. Ka mokgwa o jwalo le tla etsetsa Tempele pheko.

21 “

22 Ka lona letsatsi leo, kgosana e tla nka pohwana, e iketsetse nyehelo e tlosang sebe, e be e etsetse le setjhaba sohle sa naha.

23 Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng a mokete, kgosana e tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso ka dipohwana tse supileng tse se nang sepha, le ka dipheleu tse supileng tse se nang sepha. Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, e nke potsanyane, e etse nyehelo e tlosang sebe.

24 Bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe le pheleu e nngwe le e nngwe, eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya koro e boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng, le dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare.

25 “