JOELE 1

1 Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Joele, mora wa Petuele:

Setjhaba se llela tshenyo ya dijalo

2 Lona maqheku mamelang mona!

Lona baahi bohle ba naha,

sekehang tsebe!

Na mehleng ya lona

ntho e tjee e kila bonwa?

Mehleng ya bo-ntata lona

teng e kila bonwa?

3 Lona le e phetele bana ba lona;

bona ba e phetele ditloholo tsa lona;

tsona di e phetele

ditloholwana tsa lona.

4 Ditsie tsa fihlellana ka mekgahlelo:

wa pele wa eja dijalo, wa siya,

wa bobedi wa eja, le wona wa siya,

wa boraro wa eja, le wona wa siya,

wa bone wa eja, wa kokona tsohle.

5 Lona matahwa, tsohang le lle!

Lona bohle ba nwang veine,

bokollang, le lle,

le llele veine e ntjha,

hoba le e amohilwe

le le kgatheng la ho e latswa.

6 Tjhaba ke seo

se futuhela naha ya heso,

ke tjhaba se matla,

palo ya sona ke boiyane;

meno a sona ekare a lekakuba,

mekwetsepe ya sona

ekare ya tauhadi.

7 Fate tsa ka tsa morara

se se se di sentse,

tsa feiye tsona

sa di ebola makgapetla,

sa a ebola, sa a lahlela hole,

makala a tsona a sala a sweufetse.

8 Bokollang sa ngwetsana

e apere tse mahwashe,

e bokollela mohatsa yona

wa matswathaka.

9 Nyehelo ya dijo le ya dino

e fedisitswe ka Tempeleng,

ka Tempeleng ya Morena.

Baprista ba aparetswe ke bofifi,

bona baprista

ba sebeletsang Morena.

10 Masimo a lobetswe, a senyehile,

naha e omeletse, e se le sekaka,

mabele a lobetswe, a senyehile,

veine e ntjha ha e sa ritelwa,

ole le yona ha e sa fumanwa.

11 Lona balemi, nyahamang dipelo!

Lona ba lemang morara, bokollang!

Bokollelang koro,

le bokollele harese,

hoba kotulo e senyehetse masimong.

12 Fate tsa morara di se di omeletse,

fate tsa feiye tsona di ponne,

fate tsa kgarenate,

tsa palema le tsa diapole:

Difate tsohle tsa naha di omeletse.

Ruri batho ba feletswe ke monyaka.

Setjhaba se ke se bake

13 Lona baprista,

aparang tse mahwashe, le lle!

Lona basebeletsi ba aletare,

bokollang!

Tloong, le lale le apere,

le apere tse mahwashe,

lona basebeletsi ba Modimo wa ka,

hoba nyehelo ya dijo le ya dino

e fedisitswe ka Tempeleng,

ka Tempeleng ya Modimo wa lona.

14 Kgethang letsatsi la ho itima dijo,

le meme phutheho e halalelang.

Phuthang maqheku

le baahi bohle ba naha,

ba phuthehele

ka Tempeleng ya Morena,

ya Morena Modimo wa rona:

bohle ba meketso,

ba ipiletse ho Morena.

15 A letsatsi le tshabehang!

Tsatsi la Morena le se le le haufi!

Le tla tla e le tsatsi la timetso

e tswang ho Ya Matla wohle.

16 Na dijo ha di a senyeha

re ntse re di shebile?

Ka Tempeleng ya rona

thabo le monyaka di kae?

17 Peo e bolelletse katlasa makwete,

mediko e senyehile, disiu di tabohile,

hobane mabele le wona a phutsitse.

18 Diphoofolo di dumaela habohloko!

Mehlape ya dikgomo e a diila,

e hloka makgulo;

mehlape ya dikgutshwane

le yona e a tsherema.

19 Oho, Morena,

ke ipiletsa ho wena,

hobane hlaha e tjhesitse

makgulo a lehwatata,

fate tsohle le tsona

tsa tjhella hara dithota.

20 Dibatana tsa naha di a o bokollela,

hobane metsi a dinoka

a pshele pshi!

Hlaha e tjhesitse

le makgulo a lehwatata.