Thapelo ya Jonase
1 Jonase, ha a le ka mpeng ya leruarua, a rapela Morena Modimo wa hae,
2 a re:
“Mahlomoleng a ka
ka ipiletsa ho Morena,
ka ipiletsa ho yena, mme a nkaraba.
Ka kopa thuso
ke le botebong ba Nqalo ya Bafu,
mme wa utlwa lentswe la ka.
3 O ile wa nkakgela kweetseng,
wa nkakgela bodibeng ba lewatle;
wa nkakgela, mme metsi a mpupetsa,
maqhubu a tsudubutlana hodima ka.
4 Ka re: empa ke tla boela ke bone, ke bone Tempele ya hao, Tempele e halalelang.> 5 Ke fihlile kweetseng, metsi a nkgamme, lewatle le mpotapotile kahohle, bolele bo rareditse hlooho ya ka. 6 Ke ne ke tebile, ke le tlase ho dithaba, mekwallo ya Nqalo ya Bafu e nkwalletse ruri; empa wena Morena Modimo wa ka, o mpholositse Nqalong eo ya Bafu. 7 “Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang. 8 “Ba kgumamelang medingwana ya bohata, ba furalla sediba sa bona sa mohau. 9 Ha e le nna ke tla o nyehella ka sehlabelo, ke ntse ke o binela ka teboho, ke phetha le tsona dikano tsa ka. Pholoho e tswa ho Morena!” 10 Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.