Pheletso ya ba hatellang mafutsana
1 Ho madimabe ba rerang bolotsana,
ba nahanang bokgopo
ba le diphateng tsa bona!
Ha bosiu bo esa
ba a bo phethathatsa,
hobane ba na le matla
a ho etsa jwalo.
2 Ba tswela masimo a batho pelo,
ba a hape,
ba honohele matlo a batho,
ba inkele wona;
ba hatella motho
le ba lelapa la hae,
ba mo hatelle, ba je lefa la hae.
3 Ka baka leo, Morena o bua tjena:
“Ke ntse ke rera koduwa,
ke e rerela tjhaba sena,
koduwa eo se ke keng
sa ba sa e phema.
Ha se ka ke sa tsamaya,
sa tsamaya ka boikakaso,
hobane e tla be e le nako,
nako ya tlokotsi.
4 Mohla tsatsi leo ba tla le soma,
ba le binele kodi-ya-malla
ba re: Morena o re amohile naha ya rona, a e abela bathopi ba rona.> ” 5 Kahoo kahara phutheho, phutheho ya Morena, ha ho na ho ba le motho le ya mong ya tla le arolela naha ka lotho. 6 Baporofeta ba bohata ba re ho nna: “Se ke wa re porofetela, se ke wa porofeta dintho tsena; Modimo ha a ka ke a re hlabisa dihlong.” 7 Na ho ka botswa ntlo ya Jakobo ha thwe: “Ebe Morena o feletswe ke mamello? Na tse tjee di etswa ke yena?” “Na polelo tsa ka ha di tlise molemo, di o tlisetsa ba etsang ho loka? 8 Empa lona tjhaba sa ka le iphetotse sera! Motho wa kgotso ha a feta ka tsela, a iphetela, a sa nahane tsa ntwa, le mo amoha kobo a e apere. 9 Basadi ba tjhaba sa ka le a ba leleka, le ba leleka malapeng, malapeng a bona a matle; le amoha bana ba bona tlotla ya ka, le ba amoha yona ho-ya-ho-ile. 10 Emang, le tsamaye, le tlohe mona! Baka sena hase sa lona sa ho phomola, ka baka la hobane se silafetse, se senyehile, se ke ke sa hlola se loka. 11 Haeba ya leshano, ya thetsang, a ka re: e tla kopotsa, jwala ba lona e be bo bongata haholo,> eo e ka ba yena moporofeta wa tjhaba sena!” 12 “Ruri ke tla le phutha kaofela, ke phuthe lona bohle ba ntlo ya Jakobo; ruri masalla a Baiseraele ke tla a phutha, ke a kgobokanye sa nku di kena sakeng, ke a phuthe sa mohlape o le makgulong, e be boiyane bo phetheselang ba batho. 13 Pulamadiboho e tla ba etella pele; ba tla roba mekwallo ya kgoro, ba itsamaele. Kgosi ya bona e tla tswa pele ho bohle, ka sehloohong sa bona Morena a itlhomme.”Baporofeta ba bohata
Baiseraele ba tshepiswa topollo