MMIKIYA 4

Morena o tla busa tsohle ka kgotso

1 Mohla matsatsi a ho qetela,

thaba eo Tempele ya Morena

e hahilweng hodima yona,

e tla phahamela dithaba tsohle,

e phahamele le maralla wohle,

ditjhaba tsohle di phallele ho yona.

2 Matjhabatjhaba a tla fihla,

a re: “Tloong,

re nyoloheleng thabeng ya Morena,

re nyoloheleng Tempeleng

ya Modimo wa Jakobo.

O tla re ruta ditaba tsa hae,

re tle re tsamaye tseleng tsa hae;”

kaha molao o tla tswa,

o tswe thabeng ya Sione,

ntswe la Morena le tswe Jerusalema.

3 Morena o tla ahlola

a ahlolele tjhaba tse ngata,

a fedise ho se utlwane

hara tse ngata, tse hole;

sabole tsa tjhaba tseo

di tla etsa mehoma,

marumo a tsona di a etse disekele.

Tjhaba di ke ke tsa hlola

di nkelana disabole,

di ke ke tsa hlola

di itokisetsa dintwa.

4 Motho ka mong o tla phomola

tlasa morara wa hae,

a phomole

tlasa sefate sa hae sa feiye;

ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa,

hobane Morena wa mabotho

o boletse jwalo.

5 Tjhaba tsohle

di sebeletsa medimo ya tsona,

empa rona re tla sebeletsa Morena,

re sebeletse Modimo wa rona

kamehla le mehla.

Baiseraele ba tla kgutla bothopuweng

6 “Mohla tsatsi leo,”

ho rialo Morena,

“ke tla bokella ba hlotsang,

ke phuthe ba qhalantsweng,

ke phuthe bao ke ba otlileng

7 Ba hlotsang ke tla ba etsa masalla,

ba qhalantsweng

ke ba etse tjhaba se matla.

Morena o tla ba busa

a le Thabeng ya Sione,

a ba buse ho tloha mohla tsatsi leo,

a ba buse kamehla le mehla.

8 Ha e le wena, Tora ya Mohlape,

wena qhobosheane

ya Moradi wa Sione,

o tla buseletswa puso ya hao ya pele,

mmuso o kgutlele

ho Moradi wa Jerusalema.”

9 Jwale wena o llelang hakaale?

Na ebe wena ha o na kgosi?

Na moeletsi wa hao o timetse,

ha e le moo o utlwa bohloko,

bohloko bo kang,

ba mahlaba a pelehi?

10 Meneka, o bobole,

wena Moradi wa Sione,

o ke ya tshwerweng

ke mahlaba a pelehi,

jwale o tla tswa kahara motse,

o tswe, o yo aha nahathothe.

O tla tsamaya, o ye Babilona,

ke hona moo o tla pholoswa teng,

Morena o tla o lopolla

o le hona moo,

a o namolele

matsohong a dira tsa hao.

11 Jwale tjhaba tse ngata

di o dikile, di re:

“A Sione e ke e silafale,

re be re e bone ha e silafala!”

12 Empa mehopolo ya Morena

ha ba e tsebe,

le morero wa hae ha ba o utlwisise,

yena ya ba bokeletseng

sa mangata seotlong.

13 “Wena Moradi wa Sione,

tsoha, o pole!

Ke tla o kgwesa manaka a tshepe,

ke o rwese tlhako tsa lethose,

o tlo robokele tjhaba tse ngata.”

O tla nyehella Morena

ka kgapo ya hao,

o mo nyehelle ka leruo la tsona,

o nyehelle Morena wa lefatshe lohle.