Thapelo ya Habakuke
1 Ena ke thapelo ya moporofeta Habakuke. Ke kodi-ya-malla.
2 Morena, botumo ba hao
ke bo utlwile,
le yona mesebetsi ya hao
ke a e tshaba, Morena.
Ako e ntjhafatse
mehleng ena ya rona,
o etse hore e tsejwe
bophelong ba rona,
leha o halefile
o nno hopole ho hauhela.
3 Modimo o fihlile a etswa Temana,
Ya Halalelang
a etswa Thabeng ya Parane.
Tlotla e aparetse mahodimo,
fatshe le tletse dithoko tsa hae.
4 Kganya ya hae
e ka mahlasedi a letsatsi,
ka diatleng tsa hae
mahlasedi a a betseha!
Ke moo matla a hae
a patehileng teng.
5 Lefu la sewa le mo eteletse pele,
feberu yona
e latela mehlaleng ya hae.
6 Ha a ema, lefatshe la sisinyeha,
ha a tadima, merabe ya thothomela;
dithaba tsa boholoholo tsa heleha,
maralla a kgalekgale a batalla.
Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.
7 Ke bone baahi ba Kushane
ba tshohile haholo,
le baahi ba Midiane
ba otlanya mangwele.
8 Morena,
na o ne o halefetse dinoka?
Na kgalefo ya hao
e ne e tloketse melatswana,
kapa o ne o halefetse lewatle,
ha o no palame dipere tsa hao,
o kaletse kariki tsa hao tsa tlholo?
9 O ila hula seqha sa hao
wa se tjheha,
metsu e tletse ka sehlajweng sa hao,
wa patsola lefatshe,
dinoka tsa phalla.
10 Dithaba tsa o bona,
yaba di a reketla,
diphororo tsa metsi tsa phorosela,
bodiba ba metsi le bona ba hwasa,
yaba maqhubu
bo a akgoletsa hodimo.
11 Letsatsi le kgwedi
tsa ema themelele!
ha metsu ya hao e bebang
e tsekema,
ha rumo la hao le benyang
le phatsima.
12 Wa hata hodima lefatshe o halefile,
wa hatakela ditjhaba o hlokofetse.
13 O no futuha
ho ya lopolla tjhaba sa hao,
o ilo pholosa motlotsuwa wa hao.
Molaodi wa ba kgopo
o mo timeditse,
wa mo hlobodisa
ho tloha hodima hlooho,
wa mo hlobodisa ho ya tswa leotong.
14 Ka metsu ya hae
molaodi wa na wa mo hlaba,
mohla bahlabani
ba neng ba re futuhetse,
ba re futuhetse hore ba re qhalanye,
ba thabetse ho bolaya bahlophehi,
bahlophehi ba neng ba ipatile.
15 Wa hatakela lewatle
ka dipere tsa hao,
bodiba bo boholo wa bo lwebehlanya.
16 Ha ke utlwa ke ile ka ferekana,
ka bebenya melomo
ha ke utlwa modumo oo;
masapo a ka a qala ho bola,
maoto a ka le wona a rerekela.
Empa tsatsi la koduwa
ke tla le lebella,
tsatsi leo ke le lebelle ka mamello,
hore le tjhabele
tjhaba se re futuhetseng.
17 Leha fate sa feiye
se ke ke sa fupa,
kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
leha mohlwaare
o ke ke wa beha ditholwana,
kapa kotulo ya eba siyo masimong;
leha masaka a dikgutswane a ka oma,
kapa masaka a dikgomo
a mela mohlwa,
18 nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
ke nyakallele Modimo,
Mopholosi wa ka.
19 Morena Modimo ke yena
ya mmatlafatsang,
ya potlakisang maoto a ka
jwaloka a dikgama,
ya ntsamaisang hodima dihlaba.
Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.