Pono ya boraro: Kgwele e methang
1 Ka boele ka tadima, mme ka bona motho ya tshwereng kgwele e methang!
2 Yaba ke a mmotsa, ke re: “O ya kae?”
Motho eo a araba, a re: “Ke ilo metha Jerusalema, ke tle ke fumane bophara le bolelele ba yona.”
3 Ka bona lengeloi le neng le bua le nna le atamela, mme lengeloi le leng la atamela ho tla le kgahlanyetsa.
4 Lengeloi la bobedi la re ho la pele: “Matha, o yo bolella mohlankanyana eo, o re: 5 Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,> ho rialo Morena, 6 “Tswang! Tswang! Balehang naheng e ka leboya,” ho rialo Morena, “hobane ke ne ke le qhalanyeditse diqoleng tse nne tsa lefatshe,” ho rialo Morena. 7 “Tswa, wena Sione, wena ya phelang le Moradi wa Babilona!” 8 Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka. 9 Ke tla otlollela letsoho la ka hodima bona, mme ba tla lobelwa ke ba kileng ba ba sebeletsa. Ke hona le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme. 10 “Howeletsa, o nyakalle, wena Moradi wa Sione, hobane ke a tla, ke tlilo dula le wena,” ho rialo Morena. 11 “Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. 12 Naheng eo e halalelang Morena o tla inkela Juda, e be lefa la hae, a boele a ikgethele Jerusalema. 13 Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.”