SAKARIYA 9

Kahlolo ya baditjhaba

1 Ona ke molaetsa wa Morena:

Molaetsa o fihlile

naheng ya Hadarake,

mme o tla hlola

motseng wa Damaseka.

Motsemoholo wa Arame

ke wa Morena,

le merabe yohle ya Iseraele

ke ya hae.

2 Hamate e sehelanang moedi,

e o sehelane le Hadarake

le yona e ntse e le ya Morena,

le Tire le Sidone tse bohlale haholo.

3 Tire e ikgahetse qhobosheane,

ya ipokellela silefera,

silefera e le ngata

sa hlabathe le bokeletswe,

ya ipokellela le kgauta,

kgauta e le ngata

sa seretse diterateng.

4 Empa Morena

o tla hapa maruo a yona,

dikepe tsa yona

a di pshatlele lewatleng,

ebe motse wona o o tjhesa ka mollo.

5 Ashekelone e tla bona,

e tshohe haholo,

Gasa yona e meneke ke bohloko,

Ekerone le yona e fellwe ke tshepo.

Kgosi ya Gasa e tla timetswa,

Ashekelone yona e hloke baahi.

6 Ashedode e tla ba leaho,

aho la dikgaupane,

boikakaso ba Bafiletsita ke bo fedise.

7 Nama e madi, eo ba e jang,

ke tla e fedisa,

le nama tse ilehang tsa bona

ke di fedise.

Ba setseng

e tla ba ba Modimo wa rona,

le bona ba tshwane

le ba morabe wa Juda,

ba Ekerone bona

ba tshwane le Bajebusi.

8 Ke tla lalla pela ntlo ya ka,

ke lalle pela yona ke e lebele,

mabotho a e futuhelang ke a thibele.

Tjhaba sa ka

ha se sa tla hlolwa ke motlatlapi,

hobane jwale se lebetswe

ke nna ka sebele.

Ho tla ha kgosi ya Sione

9 Wena Moradi wa Sione

nyakalla haholo!

Wena Moradi wa Jerusalema

etsa ditlatse!

Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena;

e lokile, e tlisa topollo,

e ikokobeditse, e palame tonki,

e palame petsana ya tonki.

10 Morena o re:

“Ke tla amoha Efraime

kariki tsa ntwa,

ke amohe Jerusalema

dipere tsa ntwa,

seqha sa ntwa

ebe sona ke a se roba.

Kgosi eo

e tla tlisetsa ditjhaba kgotso,

e buse ho akaretsa mawatle wohle,

e buse

ho tloha Nokeng ya Euferatese,

e yo fihla pheletsong tsa lefatshe.”

Setjhaba sa Modimo se kgutlela hae

11 Morena o re:

“Ka baka la selekane

sa rona le wena,

se tiisitsweng ka madi a mahlabelo,

bathopuwa ba hao ke tla ba lokolla,

ke ba ntshe ledumeleng

le se nang metsi.

12 Lona bathopuwa ba nang le tshepo,

kgutlelang qhobosheaneng ya lona;

e sa le jwale ke se ke le tsebisa:

Ke tla le buseletsa tsohle habedi.

13 Ke tla koba Juda

sa ha ke koba seqha.

Efraime yena e be motsu wa sona.

Ke tla hlohleletsa bara ba Sione,

ke ba etse sabole ya mohlabani,

ba futuhele bara ba Bagerike.”

Morena o tla hlaha

14 Ke moo Morena a tla hlaha,

a ba okamele,

motsu wa hae o tsekeme sa lehadima.

Morena Modimo o tla letsa lenaka,

a tsamaye kahara difefo tsa borwa.

15 Morena wa mabotho

o tla ba sireletsa,

dira tsa bona ba tla di timetsa,

ba di hlole ka majwe a matjeketjane.

Madi a tsona ba tla a nwa sa veine,

ba sasamatse dimpa

sa lefiswana le tletse,

ba a kganathele sa manaka a aletare.

16 Mohla tsatsi leo ba tla pholoswa,

Morena Modimo wa bona,

o tla ba pholosa,

hobane tjhaba sena

ke mohlape wa hae.

Kahara naha ya hae ba tla phatsima,

ba phatsime

sa mabenyane a mofapahlooho.

17 Ba tla kgahleha,

ba be batle hakaakang!

Koro e tla matlafatsa bahlankana,

veine e ntjha

e matlafatse barwetsana.