Jesu o kena Jerusalema
1 Ha ba atamela Jerusalema, mme ba fihla Bethefage, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma barutuwa ba babedi,
2 a re ho bona: “Eyang motseng o kapele ho lona, mme le tla fumana tonki e holehilweng, e nang le petsana. Le di lokolle, le di tlise mona ho nna,
3 mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena:
4 Hona ho ile ha etsahala hore ho tle ho phethahale se boletsweng ke moporofeta, ha a re:
5 “Bolellang moradi wa Sione:
Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena
e ikokobeditse, e palame tonki,
e palame petsana ya tonki.”
6 Yaba barutuwa ba a ya, mme ba etsa kamoo Jesu a ba laetseng kateng.
7 Ba tlisa tonki le petsana ya yona, ba ala diaparo tsa bona hodima tsona, mme a palama.
8 Letshwelehadi la batho la ala diaparo tsa lona tseleng, mme ba bang ba lona ba rema makala difateng, ba a ala ka tseleng.
9 Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re:
“Hosanna ho Mora wa Davida!
Ho bokwe
ya tlang ka lebitso la Morena!
Hosanna mahodimong
a hodimodimo!”
10 Ha Jesu a kena Jerusalema, motse wohle wa hlokoleha. Batho ba botsa, ba re: “Eo ke mang?”
11 Matshwele a re: “Enwa ke moporofeta Jesu, ya tswang Nasaretha e Galelea.”
Jesu o hlwekisa Tempele
12 Jesu a kena ka Tempeleng, a phahla bohle ba neng ba reka, ba rekisetsa ka ho yona; a phethola ditafole tsa baananyi ba ditjhelete le ditulo tsa ba rekisang maeba.
13 A re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe:
“ ntlo ya thapelo,> empa lona le e etsa 14 Jwale difofu le diritsa tsa tla ho yena ka Tempeleng, mme a di fodisa. 15 Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo. 16 Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: 17 Yaba o tloha ho bona, o tswela kantle ho motse, o ya Bethania, mme a robaletsa teng. 18 Jesu ha a kgutlela motseng, e sa le hoseng, a ikutlwa a lapile. 19 A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang. 20 Barutuwa ha ba se bona ba makala haholo, ba re: “Sefate see sa feiye se omeletse hanghang ka mokgwa o jwang?” 21 Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: 22 mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.” 23 Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?” 24 Jesu a ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka mpolella seo ke se botsang, le nna ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang dintho tsena. 25 Kolobetso ya Johanne e ne e etswa kae: Lehodimong kapa bathong?” Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, e ne e etswa lehodimong, o tla re ho rona, na ke ka baka lang re sa kang ra mo dumela. 26 Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.” 27 Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.” A re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena. 28 “Le reng na? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. A ya ho wa pele, a re: 29 “A araba, a re: 30 “A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: 31 “Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?” Ba re: “Ke wa pele.” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona. 32 Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela. 33 “Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta. 34 Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo. 35 “Balemi ba tshwara bahlanka ba hae; ba kgakgatha e mong, ba bolaya e mong, mme ba tlepetsa e mong ka majwe. 36 A boela a romela bahlanka ba bang hape, ba bangata ho feta ba pele, mme le bona ba nna ba etswa jwalo. 37 Qetellong a romela mora wa hae, a re: 38 “Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: 39 Ba mo tshwara, ba mo kgarameletsa kantle ho tshimo, mme ba mmolaya. 40 “Jwale ekaba mohla monga tshimo a tlang, balemi baa o tla ba etsa jwang?” 41 Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.” 42 Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo>? 43 “Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona. 44 Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.” 45 Baprista ba baholo le Bafarisi ha ba utlwa ditshwantsho tsa hae, ba elellwa hore o bua ka bona. 46 Ba ne ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba matshwele, hobane a ne a tadima Jesu e le moporofeta.Jesu o rohaka sefate sa feiye
Kgang hodima matla a Jesu
Setshwantsho sa bara ba babedi
Setshwantsho sa balemi tshimong ya morara