LUKA 14

Phodiso ya monna ya nang le seema

1 Eitse ha Jesu a ile dijong tlung ya e mong wa batsamaisi ba Bafarisi ka Sabatha, ba mo disa.

2 Pela hae ho ne ho ena le monna e mong ya kgotsheng seema.

3 Jesu a bua, a re ho Ditsebi tsa Molao le Bafarisi: “Na ho a dumellwa hore ho phekolwe ka Sabatha, kapa tjhe?”

4 Ba kgutsa. Yaba o a mo nka, o a mo fodisa, mme a mo lokolla.

5 A re ho bona: “Na e ka ba mang ho lona, eo ekareng ha ho wetse mora wa hae kapa pholo ya hae sedibeng, a ke keng a ntsha mora kapa pholo kapele ka tsatsi la Sabatha?”

6 Ba sitwa ho arabela ditaba tsena.

Thuto ho bamemuwa le momemi

7 Jwale Jesu a bolella bamemuwa setshwantsho, ha a lemoha kamoo ba kgethang tulo tse kapele kateng, a re ho bona:

8 “Ha o memilwe ke motho moketeng wa lenyalo, o se ke wa dula ditulong tse kapele, esebe e mong ya o fetang ka ho hlompheha le yena o memilwe,

9 ebe ya le memileng o a tla, o re ho wena: ebe moo o qalang ho ya dula ka dihlong tulong tse kamorao.

10 Empa ha o memilwe, eya o dule ditulong tse kamorao, hore ha ya o memileng a etla, a tle a re ho wena: ebe moo o fumanang hlompho mahlong a ba dutseng le wena,

11 hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”

12 Yaba Jesu o re le ho ya mo memileng: “Ha o etsa mokete wa dijo tsa motsheare kapa tsa mantsiboya, o se ke wa mema metswalle ya hao, leha e le bana beno, leha e le bang ka wena, leha e le barui bao o ahisaneng le bona, esere le bona ba boela ba o mema, kgalapa tsa buseletsana.

13 Empa ha o etsa mokete, mema mafutsana, le dihole, le diritsa, le difofu,

14 mme o tla ba lehlohonolo, hobane ba ke ke ba o buseletsa. O tla buseletswa mohla tsoho ya ba lokileng.”

Setshwantsho sa mokete o moholo

15 Yare ha e mong wa ba memilweng hammoho a utlwa ditaba tseo, a re ho yena: “Ho lehlohonolo ya tla ba moketeng wa dijo Mmusong wa Modimo!”

16 Jesu a re ho yena: “Motho e mong o ile a etsa mokete o moholo wa dijo tsa mantsiboya, mme a mema ba bangata.

17 A roma mohlanka wa hae ka nako ya mokete ho ya re ho bamemuwa:

18 “Yaba bohle ba itatola ka bomong ka ho tshwana. Wa pele a re ho yena:

19 “E mong a re:

20 “E mong hape a re:

21 “Mohlanka a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Ya eba moo monga ntlo a halefang, a re ho mohlanka wa hae:

22 “Mohlanka a re:

23 “Monga mohlanka a re ho yena:

24 hobane ke a o bolella hore ha ho le ya mong wa banna bane ba neng ba memilwe ya tla latswa dijo tsa ka.> ”

Bothata ba ho ba morutuwa

25 Matshwelehadi a ne a tsamaya le Jesu, yaba o a reteleha, o re ho wona:

26 “Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.

27 Mang kapa mang ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntshala morao, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.

28 “Ke mang ho lona, eo ereng ha a rata ho haha tora, a sa keng a dule pele ho etsa dikgakanyo tsa ditshenyehelo, ho bona hore o na le seo a ka e qetang ka sona?

29 Esere mohlomong ha a se a theile motheo, mme a hloka matla a ho e phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma,

30 ba re:

31 “Kapa kgosi ke efe, eo ereng ha e ya thulana le kgosi e nngwe ntweng, e sa duleng pele ho imamella hore na ka bahlabani ba kete tse leshome e ka ba le matla a ho kgahlanyetsa e e futuhelang e ena le ba kete tse mashome a mabedi na?

32 Ho seng jwalo, ere eo e sa le hole, e romele maqosa ho phaphatha kgotso.

33 Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.

Letswai le tapileng

34 “Efela letswai le molemo, empa ha letswai le tapa, le ka tswaifatswa kang?

35 Ha le sa na thuso bakeng sa mobu, leha e le bakeng sa moitedi. Le lahlelwa kantle.

“Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”