LUKA 15

Setshwantsho sa nku e lahlehileng

1 Jwale balekgetho le baetsadibe kaofela ba atamela ho mamela Jesu.

2 Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla, ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona!”

3 Yaba o ba bolella setshwantsho, o re:

4 “Ke ofe hara lona ya nang le dinku tse lekgolo, eo ekareng ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a siya tse mashome a robong a metso e robong naheng, a yo batla e lahlehileng, ho fihlela a e fumana?

5 Ha a e fumane, a e jare a thabile,

6 mme ha a fihla hae a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona:

7 Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.

Setshwantsho sa tjhelete e lahlehileng

8 “Kapa ke ofe mosadi ya nang le didrakema tse leshome, eo ekareng ha a ka lahlehelwa ke drakemae le nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tlhokomelo, ho fihlela a e fumana?

9 Ha a e fumane, a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re:

10 Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”

Setshwantsho sa mora ya lahlehileng

11 Jesu a re: “Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi.

12 E monyenyane a re ho ntatae: A ba arolela leruo la hae.

13 “Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela lefatsheng le hole, mme teng a hafa leruo la hae ka ho phela habohlaswa.

14 Yare hoba a hafe tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo, mme a qala ho hloka.

15 A tholwa ke e mong wa baahi ba lefatshe leo, mme eo a mo romela naheng ho ya alosa dikolobe.

16 O ne a bile a lakatsa ho ja ditholwana tsa difate tse jewang ke dikolobe, empa ho se ya mo fang.

17 “Eitse hoba a ikelellwe, a re:

18 Ke tla tsamaya, ke ye ho ntate, ke re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena:

19 Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao; ako nketse e mong wa bahiruwa ba hao.>

20 A tsamaya, a ya ho ntatae.

“Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka.

21 “Mora a re ho yena:

22 “Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae:

23 Hape le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re je, mme re keteke,

24 kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.> Yaba ba qala ho keteka.

25 “Mora wa hae e moholo o ne a le naheng. Ha a kgutla, mme a se a atametse ntlo, a utlwa diletsa le motjeko.

26 A bitsa e mong wa bahlanka, a mmotsa, a re:

27 “Eo a re ho yena:

28 “A halefa, a hana ho kena. Ntatae a tswa, a mo rapela.

29 Empa a araba, a re ho ntatae:

30 empa ere ha ho fihla enwa mora wa hao, ya jeleng leruo la hao le diotswa, o mo hlabela namane e nontshitsweng!>

31 “Ntatae a re ho yena:

32 Ho a lokela hore re keteke, re thabe, kahobane ngwana enwa weno o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.> ”