LUKA 16

Setshwantsho sa mookamedi wa ntlo ya sa tshepahaleng

1 Jesu a boela a re ho barutuwa: “Ho ne ho ena le morui ya nang le mookamedi wa ntlo, mme eo a qoswa ho yena, ha thwe o hafa maruo a monga hae.

2 A mmitsa, a re ho yena:

3 “Jwale mookamedi a re ka ho yena:

4 Ke tseba seo ke tla se etsa, hore batho ba tle ba nkamohele ha bona ha ke se ke ntshitswe bookameding.>

5 “A bitsa ba nang le molato ho monga hae ka bomong, a re ho wa pele:

6 “Eo a re:

“A re ho yena:

7 “A ntano re ho e mong:

“Eo a re:

“A re ho yena:

8 “Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.

9 “Nna ke a le bolella: Iketsetseng metswalle ka leruo le sa lokang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng.

10 Ya tshepahalang tabeng e nyenyane o tshepahala le ho e kgolo, mme ya sa tshepahaleng tabeng e nyenyane ha a tshepahale le ho e kgolo.

11 Ha e le moo le sa ka la tshepahala leruong le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela la sebele?

12 Ha le bile le sa ka la tshepahala ho seo e leng sa e mong, ke mang ya tla le nea seo e leng sa lona?

13 “Ha ho mohlanka ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”

Molao le Mmuso wa Modimo

14 Jwale Bafarisi, ba neng ba rata tjhelete, ba utlwa tseo tsohle, mme ba mo soma.

15 Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.

16 “Ho bile le Molao le Baporofeta ho fihlela ho Johanne; ho tloha mohlang oo molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka dikgoka.

17 Ho bonolo hore lehodimo le lefatshe di fele, ho ena le hore letshwaonyana leha le ka ba leng la Molao le hloke matla.

18 “E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng ke monna e mong, o a feba.

Morui le Lasaro

19 “Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya neng a apara diaparo tse perese, tse ntlehadi, a ithabisa ka ho etsa mekete ka tsatsi le leng le le leng.

20 Mofutsana e mong ya bitswang Lasaro o ne a beilwe mathuleng a ntlo ya morui eo, a tletse diso.

21 O ne a lakatsa ho iphepa ka tse wang tafoleng ya morui. Le dintja di ne di etla di nyeka diso tsa hae.

22 “Jwale ha etsahala hore mofutsana a shwe, mme mangeloi a mo nkele sefubeng sa Aborahama. Le morui a shwa, mme a patwa.

23 Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae.

24 Yena a howa, a re:

25 “Empa Aborahama a re:

26 Ntle ho tsena tsohle, kgohlo e kgolo e teng pakeng tsa rona le lona, e le hore ba ratang ho tloha mona ba tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba tlohang moo ba tshelela ho rona.>

27 “Empa a re:

28 hobane ke na le bana beso ba bahlano, a tle a ba laye, esere le bona ba tla sebakeng sena sa tlhokofatso.>

29 “Empa Aborahama a re:

30 “A mpa a re:

31 “Aborahama a re ho yena: