MEETLO 11

Diphoofolo tse hlwekileng le tse sa hlwekang

1 Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re ho bona:

2 “Buang le bana ba Iseraele, le re:

3 Diphoofolo tsohle tse nang le dikgolana, tse thuisang, le ka di ja.

4 “

5 Pela e a thuisa, empa ha e na dikgolana, ka baka lena ho lona ha e a hlweka.

6 Mmutlanyana o a thuisa, empa ha o na dikgolana; ka baka leo, ho lona ha o a hlweka.

7 Kolobe e na le dikgolana, empa ha e thuise; ka baka leo, ho lona ha e a hlweka.

8 Le se ke la ja nama ya tsona, le se ke la ama le dififi tsa tsona; ho lona ha di a hlweka.

9 “

10 Empa hara dibopuwa tsohle tse holobang, kapa tse sesang ka metsing, e ka ba tse ka mawatleng kapa ka dinokeng, tsohle tse se nang mapheo kapa mahehebu, ho lona ke manyala.

11 E tla ba manyala ho lona, mme nama ya tsona le se ke la e ja; ho lona le dififi tsa tsona e be manyala.

12 Tsohle tse ka metsing, empa di se na mapheo le mahehebu, ho lona ke manyala.

13 “

14 mmankgodi, le diphakwe ka mefuta ya tsona;

15 mefuta ya makgwaba;

16 mpshe, le kgohoyadira, le leholosiane, le mefuta ya diphakwe;

17 sephookwana, le seinodi, le morubisi;

18 makgohlo, le letata, le lenong;

19 mokotatsie, le dikokolofitwe ka mefuta ya tsona, le moholodi, le mmankgane.

20 “

21 Leha ho le jwalo, hara dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo, tse tsamayang ka maoto a mane, le ka ja tse nang le monoto wa ho qothoma hodima lefatshe.

22 Tsena le ka di ja: ditsie ka mefuta ya tsona, le bookgolane ka mefuta ya bona, le matjeketjane ka mefuta ya wona, le marutle ka mefuta ya wona.

23 Empa dikokwanyana tsohle tse nang le maoto a mane ho lona ke manyala.

24 “

25 Mang kapa mang ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

26 “

27 Hara diphoofolo tsohle tse maoto a mane, tse hatang ka maro, ho lona ha di a hlweka, mme ya di amang o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

28 Ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

29 “

30 mmankgweshepe, le mokgodutswane, le phathakalle, le polo, le lempetje.

31 Hara diphoofolo tsohle tse tsamayang, tsena ho lona ha di a hlweka. Mang kapa mang ya di amang ha di shwele o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

32 Ntho e nngwe le e nngwe eo di welang hodima yona ha di shwele e tla ba e silafetse; e ka ba sejana se entsweng ka lehong, kapa diaparo, kapa letlalo, kapa mokotla. Ntho e nngwe le e nngwe e sebediswang e tla hlatsuwa ka metsi, empa e tla sala e silafetse ho fihlela ka phirimana, mme kamora moo e tla hlweka.

33 Sejana se seng le se seng sa letsopa, seo e nngwe ya tsona e welang kahara sona, tsohle tse ka ho sona di tla silafala, mme sejana seo eka kgona le se pshatle.

34 Dijo tsohle tse ka ho sona tse ka jewang, ha di ka tshwelwa ka metsi ao, di tla silafala, le tsohle tse ka nowang, tse ka sejaneng seo, di tla silafala.

35 Ntho efe le efe eo ho hong ha dififi tsa tsona ho welang hodima yona e tla silafala; haeba e le onto kapa mohaolwana, eka kgona di pshatlwe. Di silafetse, mme le ho lona e tla ba di silafetse.

36 Leha ho le jwalo, sediba kapa morifi o kgakeletsang metsi, tsena ha di na ho silafala, empa ya amang dififi tsena yena o a silafala.

37 Haeba ho hong ha sefifi sena ho ka wela hodima peo ya mofuta ofe kapa ofe, peo eo ha e silafele,

38 empa haeba peo eo e kolobile, mme ho hong ha sefifi ho wela hodima yona, peo eo ho lona hae e a hlweka.

39 “

40 Mang kapa mang ya jang nama ya phoofolo e shweleng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimama. Ya tlosang sefifi sa yona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

41 “

42 Tsohle tse holobang ka mpa, le tsohle tse tsamayang ka maoto a mane, le tsohle tse nang le maoto a mangata hara tse hahabang hodima lefatshe, tse jwalo le se ke la di ja, hobane ke manyala.

43 Le se ke la silafatsa meya ya lona ka tsohle tse hahabang, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona.

44 Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe.

45 Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.

46 “

47 Le kgetholle tse sa hlwekang ho tse hlwekileng, le diphoofolo tse phelang, tse ka jewang le tse ke keng tsa jewa.> ”