Sebaka sa ho nyehella se seng feela
1 Morena a bua ho Moshe, a re:
2 “Bua ho Arone, le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: 3 Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, ya hlabelang pholo, kapa nku, kapa podi, ka diahelong; kapa ya e hlabelang kantle ho diahelo, 4 a se e tlise pele, monyakong wa Tente ya Morena, ho nyehela ka yona ho Morena, kapele ho Leaho la hae, o tla tadingwa a le molato wa ho tsholla madi. Motho eo o tsholotse madi, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. 5 Hona ke hore bana ba Iseraele ba tlise mahlabelo a bona, ao ba neng ba a etsetsa naheng; ba a tlise ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, ho moprista, mme ka wona ba etsetse Morena nyehelo ya teboho. 6 Moprista o tla foka aletare ya Morena, e monyakong wa Tente ya Morena, ka madi, mme a tjhese mafura e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena. 7 Ba se ke ba hlola ba nyehella medingwana ya diphookoeo ba e setseng morao, ba e kgumamelang. Ona e tla ba molao wa mehla yohle wa bona, le wa ditloholo tsa bona.> 8 “O re ho bona hape: 9 a se e tlise monyakong wa Tente ya Morena ho nyehella Morena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. 10 “ 11 Kahobane bophelo ba ntho bo mading, madi ana ke le neile wona hore le iketsetse tefelo ya sebe ka wona aletareng; ke madi a etsetsang motho tefelo ya sebe. 12 Ka lebaka lena ke itse ho bana ba Iseraele: “Ho se be le ya mong wa lona ya jang bobete; le moditjhaba ya jakileng hara lona a se ke a ja bobete.” 13 “ 14 Bophelo ba dintho tsohle ke madi a tsona; ka baka leo, ke itse ho bana ba Iseraele: “Le se ke la ja bobete ba ntho efe kapa efe, hobane bophelo ba dintho tsohle ke madi a tsona. Mang kapa mang ya ka bo jang, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.” 15 “ 16 Empa haeba a sa hlatswe diaparo tsa hae, a bile a sa tole ka metsi, o tla jara bokgopo ba hae.> ”Ho ja bobete ha ho dumellwe