Ho halalela ha baprista
1 Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona: 2 haese feela ka mofu eo a tswalanang le yena, e leng mmae, le ntatae, le mora wa hae, le moradi wa hae, le ngwanabo; 3 le kgaitsedi ya hae e tswalwang le yena, eo e sa leng morwetsana, e esong ho nyalwe. Bana a ka itshilafatsa ka bona. 4 Empa moprista a se ke a itshilafatsa ka kgaitsedi ya hae e nyetsweng, hobane ka hona o tla be a itshilafatsa. 5 “ 6 Ba tla halalela ho Modimo wa bona, mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona. Kahobane ke bona ba etsang nyehelo ya setjheso ya Morena, e leng dijo tsa Modimo, tseo ba nyehelang ka tsona, ba lokela ho halalela. 7 “ 8 O mo tsebe a halalela, hobane ke yena ya nyehellang Modimo wa hao ka dijo. O tla halalela ho wena, hobane nna, Morena ya o halaletsang, ke a halalela. 9 “ 10 “ 11 A se ke a kena kamoo ho beilweng setopo; leha e ka ba setopo sa ntatae kapa sa mmae, a se ke a itshilafatsa ka ho kena ka ho sona. 12 A se ke a tswa ka Sehalalelong, esere a silafatsa Sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane o halaleditswe ke Modimo ka ho tshelwa ka ole e tlotsang. Ke nna Morena.