Molao wa bakgethwa ba Modimo
1 Morena a bua ho Moshe, a re:
2 “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: 3 o tla ila veine le jwala. A se ke a nwa asene e entsweng ka veine, kapa a nwa asene e tahang. A se ke a nwa lero la morara. A se ke a ja morara o motjha kapa wa mangangajane. 4 Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, a se ke a ja letho le entsweng ka morara, e ka ba ditholwana tsa wona kapa makgapetla a wona. 5 “ 6 Ka matsatsi wohle a hae a ho ikabela Morena, a se ke a atamela pela setopo. 7 E ka ba sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedi ya hae, a se ke a itshilafatsa ka tsona, hobane kgalaletso ya Modimo wa hae e hodima hlooho ya hae. 8 Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, o a halalela ho Morena. 9 “ 10 Ka letsatsi la borobedi o tla tlisa maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena. 11 Moprista o tla nyehela ka le leng e le nyehelo e tlosang sebe, mme le leng e be la nyehelo ya setjheso. O tla mo etsetsa tefelo ya sebe, hobane a entse sebe ka baka la motho eo ya shweleng, mme ka lona letsatsi leo a be a halaletse hlooho ya hae. 12 O tla ikabela Morena botjha, matsatsing ao a bokgethwa ba hae, a be a tlise nku e tona e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang molato. Empa matsatsi a pele ha a na ho ba le thuso, hobane bokgethwa ba hae bo ile ba silafatswa. 13 “ 14 O tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae, e leng nku e tona e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya setjheso; le nku e tshehadi e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo e tlosang sebe; le pheleu e le nngwe, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya teboho. 15 A tlise le seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, ba phofo e thumisehileng, le maqebekwane a dubilweng ka ole, le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le nyehelo ya bona ya dijo, le dinyehelo tsa bona tsa dino. 16 “ 17 Ka pheleu le ka seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, moprista o tla etsetsa Morena sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme moprista a be a mo etsetse le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino. 18 “ 19 “ 20 Moprista o tla di akgotsa, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Di a halalela, mme ke tsa moprista, hammoho le sefuba sa nyehelo e akgotswang, le sephaka sa nyehelo e phahamiswang. Kamora moo mokgethwa o tla nwa veine. 21 “ 22 Morena a bua ho Moshe, a re: 23 “Bua le Arone le bara ba hae, o re: 24 “ a le baballe. 25 Morena a le bontshe sefahleho sa hae se kganyang kgotso, a le hauhele. 26 Morena a le tadime ka lerato, a le nee kgotso.> 27 “Ba tla rapella bana ba Iseraele ka lebitso la ka, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.”Tlhohonolofatso ya boprista