DIPALO 29

Selemo se setjha

1 “

2 Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena; e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.

3 Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana, le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu;

4 le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng.

5 Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, ho o etsetsa tefelo ya sebe.

6 Tsena ho tla nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya setjheso ya ha kgwedi e thwasitse, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona, ho ya ka taelo ya tsona, e le nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

Dinyehelo tsa letsatsi la tefelo ya sebe

7 “

8 Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha.

9 Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana, le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu e le nngwe;

10 le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng.

11 Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e le e eketsang nyehelo ya tefelo e tlosang sebe, le nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le yona.

Dinyehelo moketeng wa maphephe

12 “

13 Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelelang ho Morena, e be dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, e be tse se nang sepha.

14 Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe ya dipohwana tse leshome le metso e meraro; le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe ya dipheleu tse pedi.

15 Le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse leshome le metso e mene.

16 Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang neyehelo ya kamehla ya setjheso le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

17 “

18 Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.

19 Le phooko ya nyehelo e tlosang sebe, e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le yona.

20 “

21 Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.

22 Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

23 “

24 Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.

25 Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

26 “

27 Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.

28 Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

29 “

30 Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.

31 Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

32 “

33 Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.

34 Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

35 “

36 Empa le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha.

37 Nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le pohwana, le pheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.

38 Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

39 “

40 Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Morena a mo laetseng tsona.