Selelekela
1 Ana ke mantswe ao Moshe a ileng a a bua ho Baiseraele bohle, a le ka kwano ho Jorodane, lehwatateng, phuleng e mabapa le Sufe, pakeng tsa Parane, le Tofele, le Labane, le Haserote, le Disahaba.
2 Ho tloha Horebe ho ya Kadeshe-Barenea, ka tsela e tsamayang thabeng ya Seire, ke leeto la matsatsi a leshome le motso o mong.
3 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le motso o mong, selemong sa mashome a mane, Moshe a bua ho bana ba Iseraele, ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng mabapa le bona.
4 Hoba a hlole Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote, mane Ederei,
5 ka kwano ho Jorodane, naheng ya Moabe, Moshe a qala ho phatlalatsa molao ona, a re:
6 “Morena Modimo wa rona, o ile a bua ho rona a le Horebe, a re: 7 Tlohang mona, le tswele pele leetong la lona, le ye naheng e maralla ya Baamore, le dibakeng tse e potapotileng, phuleng, le maralleng, le dibakeng tse weleng, ka borwa, pela lebopo la lewatle, naheng ya Bakanana; le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo ya Euferatese. 8 Bonang, ke le neile naha ena. Eyang, le inkele naha eo Morena a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona; a e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona le ditloholo tsa bona.> 9 “Ka nako eo ke ile ka bua ho lona, ka re: 10 Morena Modimo wa lona, o le ngatafaditse, mme bonang, kajeno le se le le bangata jwaloka dinaledi tsa lehodimo. 11 Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ke a le eketse hasekete, a le hlohonolofatse jwalokaha a ile a le tshepisa. 12 Jwale nna, ke le mong, nka tseba jwang ho jara ditsietsi tsa lona, le mejaro ya lona, le diqabang tsa lona? 13 Merabeng ya lona kgethang banna ba bohlale, ba nang le kutlwisiso, ba tumileng, mme ke tla ba etsa baokamedi ba lona.> 14 “Le ile la nkaraba, la re: 15 “Kahoo, merabeng ya lona, ke ile ka nka banna ba bohlale, ba tumileng, bao e leng dihlooho, ka ba etsa baokamedi ba lona: balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le balaodi ba ba mashome a mahlano, le balaodi ba ba mashome, le bangodi ba merabe ya lona. 16 Ka yona nako eo ka laela baahlodi ba lona, ka re: 17 Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela.> 18 “Ka yona nako eo ka le laela dintho tsohle, tseo le tshwanetseng ho di etsa. 19 “Jwalokaha Morena Modimo wa rona, a ne a re laetse, ra tswela pele leetong, ho tloha Horebe; ra feta hara lehwatata lane le leholo, le tshabehang, leo le ileng la le bona, tseleng e yang naheng e maralla ya Baamore, ra ya fihla Kadeshe-Barenea. 20 Yaba ke re ho lona: 21 Bonang, Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena. Nyolohang le yo inkela yona, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a buile ho lona. Le se ke la tshaba; le se ke la nyahama dipelo.> 22 “Bohle le ile la tla ho nna, la re: 23 “Hona ho ile ha nthabisa, mme ke ile ka nka banna ba leshome le metso e mmedi ho lona, monna a le mong morabeng o mong le o mong. 24 Ba ile ba tsamaya, ba nyolohela naheng e maralla, ba fihla kgohlong ya Eshekole, mme ba e hlwela. 25 Ba nka tse ding tsa ditholwana tsa naha eo, ba re tlisetsa tsona, mme ba re tsebisa, ba re: 26 “Empa lona le ile la hana ho nyoloha, la fetohela taelo ya Morena Modimo wa lona. 27 Yaba le korotla le le ka ditenteng tsa lona, le re: 28 Ekaba re nyolohela kae? Bana babo rona ba re nyahamisitse dipelo, ba re: Baahi ba moo ke dinatla, mme ba balelele ho re feta. Metse ya bona e meholo, e na le diqhobosheane tse fihlang marung. Le Baanake re ile ra ba bona hona moo.> 29 “Yaba ke re ho lona: 30 Morena Modimo wa lona, ya le etellang pele, o tla le lwanela, jwalokaha a ile a le lwanela moo le ntseng le bona, ha le le Egepeta. 31 Le lehwatateng, tseleng yohle eo le e tsamaileng, ho tla fihla sebakeng sena, le bone kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a le pepa kateng, jwalokaha monna a pepa mora wa hae.> 32 “Empa hodima tsena tsohle, ha le eso ka le tshepa Morena Modimo wa lona; 33 e leng yena ya le etellang pele leetong, ho le batlela sebaka seo le tla hloma ho sona. Bosiu o le etella pele ka mollo, motsheare ka leru, ho le bontsha tsela eo le tla tsamaya ka yona. 34 “Morena o ile a utlwa dipolelo tsa lona, a halefa, mme a ikana, a re: 35 36 Ke Kalebe feela, mora wa Jefune, ya tla e bona, mme yena le bara ba hae ke tla ba nea naha eo, eo yena a kileng a tsamaya hodima yona, hobane yena o latetse Morena ka ho tlala.> 37 “Le nna Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, a re: 38 Empa Joshua, mohlanka wa hao, mora wa Nune, ke yena ya tla kena naheng eo. Mo kgothatse, hobane ke yena ya tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele. 39 Masea a lona, ao le ileng la re e tla ba bathopuwa, le bana ba lona, bao kajeno ba esong ho tsebe botle kapa bobe, ba tla kena naheng eo. Ha e le bona ke tla ba nea yona, mme e tla ba ya bona. 40 Empa ha e le lona, kgutlang, le boele lehwatateng ka tsela ya Lewatle la Lehlaka.> 41 “Lona le ile la araba, la re ho nna: 42 “Empa Morena a re ho nna: 43 “Ke ile ka bua ho lona, empa ha le a ka la mamela. Le ile la fetohela taelo ya Morena, la ikakasa, mme la nyolohela naheng e maralla. 44 Baamore ba ahileng naheng eo e maralla ba ile ba le futuhela jwaloka sekgakgatha sa dinotshi, ba le leleka, ba le etsa mofela, ho tloha Seire ho ya fihla Horema. 45 Le ile la kgutla, la llela kapele ho Morena, empa Morena ha a a ka a le mamela, leha e le ho le sekehela tsebe. 46 Ke kahoo le ileng la hlola matsatsi a mangata Kadeshe.Moshe o kgetha baahlodi
Dihlwela tse leshome le metso e mmedi
Morena o otla Iseraele