Naha e ileng ya abelwa morabe wa Efraime
1 Lotho la abela bana ba Josefa naha e tlohang Jorodane, pela Jeriko, ka botjhabela ho didiba tsa Jeriko, ho ya fihla lehwatateng; le ho tloha Jeriko, ho nyolosa hara naha e maralla, ho ya fihla Bethele.
2 Moedi wa tloha Bethele ho ya fihla Lose, wa fetela pele ho ya fihla moeding wa Baareki le ho ya fihla Atarote.
3 Moedi wa theohela bophirimela, ho ya fihla naheng ya Bajafelete, le moeding wa Bete-Horone e tlase, le ho ya fihla Gesere, wa ya fella lewatleng.
4 Bana ba Josefa, le ba Manase, le ba Efraime, ba ile ba fumana lefa la bona hona moo.
5 Moedi wa naha ya bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona, ya eba ona: Ka botjhabela moedi wa naha ya bona o ne o tloha Atarote-Adare, o ya fihla Bete-Horone e hodimo.
6 Moedi o lebe bophirimela, Mikemetate e be ka leboya ho wona; o thinyetse ka botjhabela ho ya fihla Taanate-Shilo, o fihle o fete pela yona ka botjhabela ho Janoha.
7 Ho tloha Janoha o theosetse Atarote le Naarate, o yo fihla Jeriko, o felle Jorodane.
8 Ho tloha Tapua moedi o ne o leba bophirimela, ho ya fihla molatswaneng wa Kana, o yo fella lewatleng. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona;
9 hammoho le metse, le metsana yohle, e neng e abetswe bana ba Efraime, e fumanwa hara naha eo e neng e le lefa la bana ba Manase.
10 Leha ha le jwalo ha ba a ka ba ba ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere. Bakanana ba nnile ba aha hara bana ba Efraime ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, mme ba fetoha makgoba a sebetsang ka thata.