JOBO 4

Jobo o tennwe ke bophelo

1 Jwale Elefase ya tswang Temana a araba, a re:

2 “Ebe o tla teneha

ha motho a buisana le wena?

Empa ke mang

ya ka tshwarang leme la hae?

3 Hopola kamoo o rutileng

ba bangata kateng,

wa matlafatsa matsoho a tepeletse!

4 Polelo tsa hao

di tsheheditse ba kgoptjwang,

wa matlafatsa mangwele a rerekela.

5 Jwale ha tsietsi e o tlela o a nyahama;

ere e o fihlela ebe o a thethelwa!

6 Ho tshaba Modimo ha hao

hase hona letshepa la hao,

ho hloka kodi ha hao

yona ntshepedi ya hao?

7 “Ako nahane: Mohlokakodi ke ofe

ya kila lahleha?

Ba lokileng bona

ba kile ba timetswa hokae?

8 Kamoo nna ke seng ke bone kateng,

ba lemang bobe,

ba be ba jale bokgopo,

ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona.

9 Ha Modimo a halefa ba a timela,

fefo sa kgalefo ya hae se ba fedise.

10 Lekakuba le a puruma,

tautona e kgarumake,

meno a ditawana a fetohe,

a fetohe dikotwana.

11 Tautona e shwa

ke ho hloka sebolawa,

tawana tsa tauhadi

di phasaphase kahohle.”

Ha ho ya lokileng pela Modimo

12 “Ke ile ka nyenyeletswa

ka lekunutu,

ka longwa tsebe

ka ba ka hwesheletswa.

13 Menahanong ya ka, ya ditoro, bosiu,

ha phume sa boroko

batho se ba katela,

14 tshabo le thothomelo

tsa nkwela hodimo,

masapo wohle a mmele a keqemana.

15 Seriti sa falola kapela mahlo a ka,

mmeleng wa ka

mohwete wa iketsa diqala!

16 Sa re themelele! Ke ntse ke tadimile,

sa sona sobepeho ke sa se tsebe!

Sa ema kapela mahlo a ka,

ha didimala,

ka utlwa lentswe le nyenyetsa, le re:

17

a ka loka mahlong a Modimo,

a hlweka le mahlong a Mmopi wa hae?

18 Ha Modimo a sa tshepe

bahlanka ba hae,

mangeloi a hae

a a qosetsa bohelehele;

19 a ka tshepa jwang

ba meqhemeng ya makwete,

ba bopilweng ka role la lefatshe,

ba phetshelwang habonolo

jwaloka tshwele?

20 Le ba tjhabela ba phela,

le dikele ba fedile,

ba timelle ruri,

ba sa natswe ke motho.

21 Dimapo tsa tente tsa bona

di a motsulwa,

ba be ba shwe ba hloka bohlale!> ”