1 “Meketsa, Jobo!
O a arabelwa ke mang?
Hara mangeloi
o tla ipiletsa ho mang?
2 Sethoto se bolawa
ke ho komakoma ha sona,
sehlohwane sona
se bolawa ke mona.
3 Ke bone thoto se mela,
methapo ya sona e nama;
ha ntshi e panya,
leaho la sona la newa thohako.
4 Bana ba sona
ha ba a sireletswa ke motho,
ba robokellwa kgotla,
ba hloka manamolela;
5 kotulo ya sona
e jewa ke ya lapileng a ituletse,
a e honyolle
leha e le kahara meutlwa,
batupi bona
ba nyoretswe leruo la sona.
6 Lerole hase lona
mohlodi wa ditlokotsi,
tsietsi ha di ke di ropoha
di hlaha fatshe;
7 motho ditsietsi o tswalwa a di apere,
seka tetema
e qhomisetsa ditlhase hodimo.”
Elefase o re Jobo a ipiletse ho Modimo
8 “Hoja ke wena
nka be ke ipiletsa ho Modimo,
kapele ho Modimo
ke ipeha ka taba ya ka;
9 yena o etsa dikgolo,
mafeta-kutliwisiso-ya-motho,
o etsa dimakatso,
ntlhokapalo ke boiyane.
10 Lefatshe o le nesetsa pula,
pula ya ditlwebelele,
metsi a phutsalle,
a tlale dithota kahohle;
11 ba eisehang
a ba hlwesetse hodima ditlhoro,
ba bofifing bona a ba tshedise.
12 O nyopisa merero,
bo-ramasene ba e rerile,
ba be ba hloke katleho;
13 ka maraba a bona
o tshwasa bo-ramasene,
maqheka a bona a fetoha lefeela.
14 Ba aparelwa ke lefifi
tsatsi le ba tjhabetse,
ere tadi e anyesa
ba phothasele seka bosiu.
15 Modimo o namolela mafutsana
puong tse hlabang,
a a lopolle matsohong a ba dikgoka;
16 kahoo mafutsana a ruile letshepa,
molomo wa bokgopo o a kwaleha,
o didimale.”
Kgalemo ya Modimo e tlisa lehlohonolo
17 “Ho lehlohonolo
eo Modimo a mo tshwayang phoso,
kahoo se nyatse
ha Ya Matla a o kgalema.
18 Modimo o a hlatha,
a be a tlame leqeba;
tsoho la hae le a otla,
le bile le a fodisa;
19 o tla o phemisa diwa
di o hlwele hodimo,
ka makgetlokgetlo
bobe bo ke ke ba o ama.
20 Nakong ya sekoboto
o tla o namolela lefung,
nakong ya dintwa
sabole a e thithibanye bohale.
21 O tla sireletswa puong
tsa monyefodi,
timelo o ke ke wa e tshaba
ha e fihlile;
22 o tla tsheha timelo le sekoboto,
batana tsa fatshe lena
o ke ke be wa di tshaba.
23 Majwe a ke ke a o sitisa
ho lema masimo,
batana tsa naha
di tla phela ka kgotso le wena.
24 O tla bona lapa la hao
le phela ka kgotso,
o fumane tsohle tsa hao
di ntse di feletse.
25 Bana ba hao
o tla bona ba ngatafala,
tloholo tsa hao
di ata seka jwang naheng.
26 O tla ya lebitleng
lemo tsa hao di ngatafetse,
jwaloka koro e yang seotlong
e se butswitse.
27 “Tsena di fupuditswe,
ho fela ho dutse jwalo;
di utlwe, o di tsebe,
o di fole molemo.”