JOBO 6

Jobo o araba Elefase

1 Empa Jobo a araba, a re:

2 “Ao! hoja ho komakoma ha ka

ho ka lekanngwa,

tsietsi tsa ka tsa bewa sekaleng,

3 di ne di tla feta hlabathe

la lewatle ka boima;

ke ka hona

ke ileng ka phatloha feela.

4 Metsu ya Ya Matla wohle

e ntlhabile,

mahloko a yona

a tjhatjhametsa le moya wa ka,

matshabeho a Modimo

a nteetse theko!

5 Na tonki e ka lla

kgulo le le lengata?

kapa pholo ya bohla

e ntse e fula?

6 Dijo tse bosula

di ka jewa ho se letswai?

Na mothwebe o mosweu wona

o a latsweha?

7 Dijo tse jwalo ha ke di lakatse,

di tshwana

le tse nqhuqhumisang mala!

8 “Hoja kopo ya ka

e ne ka ananelwa,

Modimo a nnea

seo ke se labalabelang;

9 Modimo a kgahlwa

ke ho mphetshela,

a nkisa letsoho, a ntimetsa.

10 Ke ne ke tla thaba,

ke tshedisehe,

ke tsebe ho mamella

ditlokotsi tsa ka,

hoba polelo tsa Ya Halalelang

ha ke a di hanyetsa.

11 “Ke sa na le matla afe,

a ho nnea letshepa?

Ke tla fella kae,

ha ke qenehetse ho phela?

12 Na mmele wa ka

o thata jwaloka lejwe?

Kapa nama ya ka

e entswe ka lethose?

13 Matla o ho ithusa a mpheletse,

sehlaha sa bohlale se setse feela.”

Jobo o swabiswa ke polelo tsa metswalle

14 “Ya nyahameng pelo

eka kgona a hauhelwe, ke metswalle,

leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.

15 Bana beso ha ba tshepahale

sa melatswana,

ba ka melatswana e tlala,

e ba e feta,

16 e ba maduke

ke qhoqhwaane ho qhibidiha,

e patehe ke lehlwa ho kgetheha.

17 Ha motjheso o fihla e a nyamela,

ha tsatsi le ema a pshele ruri.

18 Baeti ba kgeloha tsela,

ba batla metsi,

ba ye lehwatateng,

ba be ba timele.

19 Baeti ba tswang Tema

ba batla metsi,

bahwebi ba Sheba

ba batla ka letshepa;

20 ba tsielehile,

leha ba ne ba tshepile,

ba fihlile teng, jwale ba swabile.

21 Ho nna, le lona le ka melatswana eo:

Le a bona ke wele ka phatla,

lona le a ntshabella!

22 Na nkile ka re:

?

Kapa

23 Kapa:

matsohong a dira tsa ka?

Mpholoseng

ho ba matla ho mpheta>?

24 “Nthuteng,

ke tla mamela ke didimetse,

le ntlhalosetse na phoso ya ka e kae.

25 Mantswe a nnete a matla hakaakang!

Polelo tsa lona ekaba di supa eng?

26 Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka,

le re tsa ya tsherehaneng

di ya le moya feela?

27 Le kgutsanyana kgudu!

le ka e rekisa,

la tjhekela motswalle wa lona lemena.

28 “Jwale dumelang,

le ntadime sefahlamahlo:

Taba di mahlong,

shano la ka le tla itshupa.

29 Ke a le kopa: Imameleng,

phoso e se be teng;

imameleng hape,

esere ho loka ha ka

ha thunthetswa.

30 Ebe phoso e tswile lelemeng la ka?

Na nka sitwa ho kgetha

tse molemo ho tse kgopo?