JOBO 7

Jobo o a tsieleha

1 “Bophelo ba motho

mona lefatsheng ke ntwa,

matsatsi a hae ekare a mohiruwa,

2 a mohlanka ya labalabelang moriti,

a mohiruwa ya lebeletseng moputso;

3 nna lefa la ka

ke kgwedi tsa ho sebeletsa lelea,

ke abetswe masiu a mokgathala.

4 Kamehla ha ke robala ke a ipotsa:

Empa siu bo bolelele, bo a tosa,

ke hlobaela jwalo

ho fihlela mafube a hlaha.

5 Diboko le kgoho tsa mobu

di nkgometse,

tlalo la ka le dipekane,

le petla boladu.

6 Matsatsi a ka a potlaka

sa nale ya selohi,

a be a fele

tshepo yona e nkwekwetla.

7 “Modimo, hopola:

Phelo ba ka bo ka moya feela,

mahlo a ka ha a ka ke a bona

tse molemo hape.

8 Ya mponang jwale,

ha a sa tla boela a mpona,

etlare ha o mpatla

ke be ke le siyo!

9 Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele,

ya theohelang Nqalong ya Bafu

a ke ke a nyoloha;

10 ha a ke ke a kgutla,

a kgutlela lapeng la hae,

tulo tsa hae di sala di le feela,

a ke ke a hlola

a dula tulong tsa hae.

11 Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa,

ke tla bua

pelo ya ka e tshwenyehile,

ke ipelaetse

pelo ya ka e ngongorehile.

12 “Ebe nna ke lewatle

kapa kganyapa,

ha o mpeetse balebedi ho ntisa?

13 Ha ke re: Phate tsa ka

ke tsona tse tla ntshedisa,

moalo wa ka

o nthethefatse ho komakoma,

14 wena Modimo, o ntshosa ka ditoro,

ka dipono

o mpakela ho thothomela;

15 kahoo ke ikgethela lefu

la ho kgangwa,

ho ena le ho phela

ke le masatswane.

16 Bophelo bona ba ka bo ntenne,

nke ke ka phela kamehla yohle;

ako ntese,

matsatsi a ka ke mouwane!

17 “Motho e ne leng,

ha o mo nketse hodimo hakaale,

o bile o mo hlokometse hakaale?

18 Kamehla hoseng o a mo hlahloba,

kamehla motsotso ha o fete

o sa mo leke.

19 O tla kgaotsa neng ho ntjamela,

o ko mphe tshweya,

ke metse mathe?

20 Haeba ke sitilwe,

ke o sinyeditseng?

Wena Molebedi wa batho?

Ke ka dife

o nkentseng pakane ya hao,

hoo le nna

ke seng ke bile ke itenne?

21 Ke hobaneng

ha o sa tshwarele tshito ya ka,

wa tlosa bokgopo ba ka ba fela?

Haufinyane ke tla robala lebitleng;

o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”