JOBO 10

Jobo o re na Modimo o mo sotlelang

1 “Bophelo bona ba ka bo ntenne,

kahoo ke tla boledisa

tsa ka dipelaelo,

ke bue moya wa ka o tubehile.

2 Ke tla re ho Modimo:

mpolelle tseo o nqosang ka tsona.

3 O bona ho le molemo

ho nna o nkataka,

o nyedisa mmopo wa matsoho a hao,

o thabela merero ya ba kgopo?

4 Na o na le mahlo a nama?

Na o bona jwalokaha batho ba bona?

5 Na tshiu tsa hao

di tshwana le tshiu tsa batho?

Na ngwaha tsa hao

di tshwana le ngwaha tsa batho?

6 Ha e le moo o tswile bosele

ho tsoma bokgopo ba ka,

o batla, o batlisisa le sebe sa ka?

7 Wena o a tseba

ho nna bokgopo ha bo yo,

mme ha ho ya ka ntopollang

matsohong a hao.

8 “

ke matsoho a hao,

empa jwale

ke se ke timetswa ke wena!

9 Ako hopole,

o mpopile seka letsopa;

na o tla nkgutlisetsa leroleng hape?

10 Na ha o a nqhatsa

jwalokaha ho qhatswa lebese,

wa mphehla

jwalokaha leokwana le fehlwa?

11 Wa nkapesa

ka letlalo le ka dinama,

wa ntlamahanya

ka masapo le ka mesifa?

12 O nneile bophelo,

wa ba wa nnea lerato,

wa mpoloka,

wa baballa le moya wa ka.

13 “

la pelo ya hao,

ke a tseba,

tsena e ne le morero wa hao:

14 Ha ke etsa sebe

o ntadima ka le ntjhotjho,

o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.

15 Haeba ke molato

bomadimabe ke ba ka!

Leha ke se molato

nke ke ka tadima motho,

ke hlajwa ke dihlong

ke lweba ka hara tlokotsi.

16 Ha hlooho ya ka e phahama

o tla ntsoma jwaloka tau,

o ntlhokofatsa

ka ho nketsetsa dimakatso.

17 O tlisa paki tse ntjha

ho nnyopisetsa bopaki,

le kgalefo ya hao

e ntlokomela ho feta,

mara a hao

a mphutuhela ka mekgahlelo.

18 “

hore ke tswalwe?

Eka nkabe ke shwele

ke eso bonwe ke motho!

19 Eka nkabe ke sa ka ka ba ka tswalwa,

kapa ka iswa lebitleng

ha ke qeta ho tswalwa!

20 Tshiu tsa ka di kgutshwanyane,

di a feta;

ako ntlohele,

ke re kgefu! ho se hokae,

21 ke eso ikele kwana bo-ya-batho,

fatsheng le lefifi,

le meriti e metsho;

22 fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana,

moo e leng lapeng habo morusu,

moo sedi la teng e leng lefifi!> ”